Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ka baka leo, lepera la Naamane le tla o kgomarela, wena le ditloholo tsa hao kamehla. Yaba o tswa pela hae, e le molepera, a sweufetse a ka lehlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ka lebaka lena, lepera la Naamane le tla o kgomarela, le kgomarele le ditloholo tsa hao kamehla yohle.” A tloha kapele ho Elisha e le molepera, a le mosweu jwaloka lehlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:27
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.


Empa Jehova a otla morena, ya eba molepera ho isa ho shweng ha hae, a dutse tlung e kathoko. Mme Jothame, mora morena, a bewa modisa wa ntlo ya morena, a ahlolela setjhaba sa lefatshe.


Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Jehova a eketsa a re ho yena: Ako kenye letsoho la hao sefubeng sa hao. A kenya letsoho la hao sefubeng sa hae; eitse ha a le ntsha, a bona letsoho la hae le le jwaloka lehlwa ke lepera.


Le lemile bokgopo, le kotutse bolotsana, le jele dijo tsa leshano. Hobane, wena Iseraele, o tshepile metsamao ya hao le bongata ba dinatla tsa hao.


Moprista o tla mo tadimisisa. Ha kokobalo e tshweu e le teng letlalong, e sweufaditseng mohwete, mme hodima kokobalo eo ho bonahala nama e petohileng,


Ha mohwete o lethebeng o sweufetse, mme letheba le phobetse ho feta letlalo, ke lepera le hlahileng lebading la ho tjha; moprista o tla bolela motho eo hoba o sesila; ke bohloko ba lepera.


Leru la tloha tenteng; mme hanghang, Miriame ya eba molepera, a ba mosuwana jwaloka lehlwa; Aarone ha a retelehela ho Miriame, a mmona hoba ke molepera.


Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.


Empa Petrose a mo araba, a re: Ditjhelete tsa hao a di ke di timele le wena, ha o lekantse hobane neo ya Modimo e rekwa ka ditjhelete.


Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.


Joshua a re: O re ferekanyeditseng? Jehova o tla o ferekanya le wena kajeno. Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, ba ba tjhesa, ba ba ba ba tlepetsa ka majwe.


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ