Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 A re: Ho dutswe hantle. Monga ka o nthomile, a re: Bona, bahlankana ba babedi ba thaba ya Efraime, ba bara ba baporofeta, ba tswa fihla ho nna hona jwale; ako ba nee talenta e nngwe ya silefera le diaparo tse pedi tsa mokete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Gehasi a re: “Ha ho molato. Monga ka o nthomile ho wena, o re: ‘Hona jwale ho tswa fihla mona ho nna bahlankana ba babedi ba sehlopha sa baporofeta, ba tswang naheng e maralla ya Efraime. Ke a o rapela: Ako ba fe silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo le metso e mene, le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:22
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba eo o re: Le nna ke moporofeta jwaloka wena; lengeloi le mpoleletse taelo ya Jehova, la re: Mo kgutlise, a ye ha hao, a je bohobe, a nwe metsi. Athe o ne a mo thetsa.


Ebile e mong wa bara ba baporofeta o re ho molekana hae, ka taelo ya Jehova: Ako nkotle. Motho eo a hana ho mo otla.


Ha morena a feta, a hoeletsa ho morena, a re: ke le mohlanka wa hao, ke be ke ile ntweng, mme ka bona motho a kgeloha, a tlisa motho ho nna, a re: Boloka motho enwa; ha a ka thoba, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, kapa o lefe ka talenta ya silefera.


Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.


Teng, bara ba baporofeta ba Bethele ba tswela ho Elisha, ba re ho yena: Ana o a tseba hobane Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? A re: E, ke a tseba; kgutsang.


Teng, bara ba baporofeta ba Jeriko ba re ho Elisha: Ana o a tseba hoba Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? Yena a re: E, ke a tseba; kgutsang.


Ebile ho tla teng banna ba mashome a mahlano, e le bara ba baporofeta, ba ema mabapa le bona, ba le sebakanyana; bona ba babedi ba ema lebopong la Jordane.


Monna wa Modimo, ha a mmona a sa le hole, a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bona, mosadi wa Shuneme ke yane. Titima, o mo kgahlanyetse, o re ho yena: Hleka o sa dutse hantle, le monna wa hao o sa dutse hantle, le ngwana o sa dutse hantle na? A re: Re dutse hantle.


Ebile Gehasi o phallela Naamane. Naamane ha a mmona a mo phalletse, a tlola koloing, a mo kgahlanyetsa, a re: Na ho dutswe hantle?


Haele yena, a ya itlhahisa pela monga hae. Elisha a re ho yena: O tswa kae, Gehasi? A re: Mohlanka wa hao ha a tswe taotao.


Morena wa Siria a re: Tloha, o tsamaye, ke o rome ka lengolo ho morena wa Iseraele. Yaba o tloha, a nkile ditalenta tse leshome tsa silefera, le ditjhelete tse dikete tse tsheletseng tsa kgauta, le diaparo tse leshome tsa mokete.


Hobane matsoho a lona a kganathetse madi, menwana ya lona e ditshila ke bokgopo; melomo ya lona e bolela mashano, maleme a lona a bolela tsa bolotsana.


Ba kobile maleme a bona jwaloka seqha, ho betsa leshano; hase ka bokgabane ba natlafalang lefatsheng, hobane ereha ba etswa bobeng bo bong, ba ye ba tlolele bobeng bo bong; mme ha ba ntsebe, ho bolela Jehova.


e mong le e mong o ye a thetse motswalle wa hae, mme ha ba bolele nnete; ba rutile maleme a bona ho bolela leshano; ba sebetsa bokgopo ba sa kgathale.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Le yena Eleasare, mora Aarone, a shwa; mme ba mo pata leralleng la Finease, mora hae, leo a neng a le neilwe thabeng ya Efraime.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Samsone a re ho bona: A nke ke le beele selotho; ha le ka ntlhalosetsa sona hantle matsatsing a supileng a mokete, la se nepa, ke tla le nea diaparo tse mashome a mararo le dikobo tse mashome a mararo tsa mokete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ