Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa Gehasi, mohlanka wa Elisha, monna wa Modimo, a re: Bona, monga ka o hauhetse Naamane, Mosiria eo, kamoo a sa kang a nka letsohong la hae kateng, seo a se tlisitseng; ka Jehova ya utlwang, ke tla mo phallela, ke nke ho hong ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:20
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


Monna wa Modimo a mo halefela, a re: Hoja eba o otlile hahlano, leha e le hatshelela, ekabeba o hlotse Basiria, wa ba wa ba qeta; athe jwale o tla hlola Basiria hararo feela.


A re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa; a tla, a ema pela hae.


A tloha jwalo, a fihlela monna wa Modimo thabeng ya Karmele.


Haele Gehasi, a ya pele ho bona, a bea lere hodima sefahleho sa ngwana; empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le kutlo. A ba a kgutla, a kgahlanyetsa Elisha, a mo tsebisa, a re: Ngwana ha a tsoha.


Elisha a bitsa Gehasi, a re: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa, mme ha a kena ho yena, Elisha a re: Nka mora wa hao.


Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, eo ke emeng pela hae, nke ke ka e amohela. Naamane a mo phehella hore a e amohele, a mpa a ikganela.


Ebile Gehasi o phallela Naamane. Naamane ha a mmona a mo phalletse, a tlola koloing, a mo kgahlanyetsa, a re: Na ho dutswe hantle?


A re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha hlooho ya Elisha, mora Shafathe, e sa dula hodima hae kajeno!


Morena o ne a buisana le Gehasi, mohlanka wa monna wa Modimo, a re ho yena: Ako mphetele tsohle tse kgolo tse entsweng ke Elisha.


Yaba Elisha o ikela Damaseka. Ben-Hadade, morena wa Siria, o ne a kula, mme a bolellwa, ha thwe: Monna wa Modimo o tlile kwano.


hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.


O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


Sekgoba se ipona bohlale ho fetisa ba supileng ba arabang ka masene.


Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


Ho madimabe ya ruelang ntlo ya hae leruo le lebe, ya beang moaho wa hae phahameng, hore a itshireletse bobeng!


Simone, Mokanana, le Judase Iskariota, yena ya ekileng Jesu.


Athe setlolo seo se ka be se rekile tjhelete tse ngata, tsa newa bafumanehi.


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.


Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka,


Jesu a ba araba, a re: Ana hase nna ke le kgethileng, lona ba leshome le metso e mmedi? athe e mong wa lona ke Diabolose!


A ikarolela theko ya yona ka nqa e nngwe, ba dumellane le mosadi wa hae, mme se setseng a se tlisa, a se bea maotong a baapostola.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.


Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;


ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;


hobane, ka Jehova ya phelang, ya namoletseng Iseraele, leha bo ka ba ho mora ka Jonathane, o tla shwela ruri. Mme ho se ke ha eba le a mong wa setjhaba ya mo fetolang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ