Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, eo ke emeng pela hae, nke ke ka e amohela. Naamane a mo phehella hore a e amohele, a mpa a ikganela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna wa Modimo a re ho morena: Leha o ka nkarolela ntlo ya hao ka lehare, nke ke ka ya le wena, leha e le ho ja bohobe le ho nwa metsi bakeng sena.


Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


Elia a re: Ka Jehova wa makgotla ya phelang, eo ke emeng pela hae, ke fela ke tla itlhahisa ho yena kajeno.


Elisha a re: Ka Jehova wa makgotla ya utlwang, eo ke emeng pela hae, hoja ha ke ele Josafate, morena wa Juda, hloko, nka be ke sa o shebe le ho o tadima.


Empa Gehasi, mohlanka wa Elisha, monna wa Modimo, a re: Bona, monga ka o hauhetse Naamane, Mosiria eo, kamoo a sa kang a nka letsohong la hae kateng, seo a se tlisitseng; ka Jehova ya utlwang, ke tla mo phallela, ke nke ho hong ho yena.


Elisha a re ho yena: Ana pelo ya ka e ne e se teng, ha monna elwa a kgutla koloing ya hae, a o kgahlanyetsa na? Na ke nako ya ho nka ditjhelete, le ya ho nka diaparo, le mehlwaa re, le merara, le dinku, le dikgomo, le bahlanka ba batona le ba batshehadi na?


Yaba Daniele o araba pela morena, a re: Boloka dineo tsa hao, o nee e mong dimpho tsa hao! Leha ho le jwalo, ke tla balla morena lengolo leno, ke mo qaqisetse kwahollo ya lona.


Fodisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le lahlele batemona ntle; le neilwe feela, neang feela.


Ho nna tsohle di dumelehile, empa hase tsohle tse nang le molemo; ho nna tsohle di dumelehile, empa nke ke ka dumela ho buswa ke e nngwe ya tsona.


Bonang, e se e le lekgetlo la boraro ke itokisetsa ho tla ho lona, mme le jwale nke ke ka le etsetsa boima; hobane ha ke batle tsa lona, empa ke batla lona; etswe e se bana ba tshwanetseng ho bokellela bontata bona, empa e le bontata batho ba tshwanetseng ho bokellela bana ba bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ