Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:15
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.


Yaba morena o re ho monna wa Modimo: A re ye le wena hae, o je dijonyana, mme ke o nee teboho e nngwe.


Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.


Esekiase a rapela pela Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; o entse mahodimo le lefatshe.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.


Eitse Elisha, monna wa Modimo, ha a utlwa hobane morena wa Iseraele o hahotse diaparo tsa hae, a romela ho morena, a re: O haholetseng diaparo tsa hao? A ke a tle ho nna; o tla tseba hobane moporofeta o teng Iseraeleng.


Ho itswe ke Jehova, Morena wa Iseraele le Molopolli wa hae, Jehova wa makgotla: Ke nna wa pele le wa morao; haese nna, ha ho Modimo.


Le se ke la tshoha, le se tshabe! Na hase kgale ke o boleletse taba tseo, ka o tsebisa tsona na? Ke lona dipaki tsa ka! Na o teng Modimo, haese nna na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe.


hore batho ba tle ba tsebe, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, hoba ha ho Modimo o mong, haese nna; ke nna Jehova, ha ho e mong.


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


Molao o beilwe ke nna ke hona ho batho bohle, le ho ditjhaba tsohle, le ho ba dipuo tsohle, hore motho ya ka nyefolang Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego a pongwe dikoto, mme ntlo ya hae e etswe qubu ya moitedi, hobane ha ho modimo o mong o ka lokollang ka mokgwa o jwalo.


Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!


Hobane motho o dumela ka pelo, hore a bewe ya lokileng, mme o bolela ka molomo, hore a bolokehe.


Ke lekantse ke hona hoba ke tshwanetse ho kgothatsa baena, hore ba ke ba ye ho lona pele, mme ba phethe tokiso ya phano ya lona eo ke e boletseng, ka re, e se e lokile, e tle e be phano ya pelo, e seng ntho e etswang ka bokgonatha.


Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.


Ba re ho yena: Bahlanka ba hao ba tswa naheng e holehole, ka baka la lebitso la Jehova, Modimo wa hao; etswe re utlwile botumo ba hae, le tsohle tseo a di entseng Egepeta;


Mpho ke ena eo lekgabunyane la hao le tlileng le yona ho monghadi; e ke e newe bahlankana ba tsamayang le monga ka.


Ebile Saule o re ho mohlanka wa hae: Empa, ha o bona, leha re ka ya, monna eo re ka mo isetsang? Hobane bohobe bo neng bo le mekotleng ya rona bo fedile, mme ha re na mpho eo re ka e neang monna wa Modimo; re na le eng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ