Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ana Abana le Parpare, dinoka tsa Damaseka, ha di ntle ho feta metsi wohle a Iseraele na? Ana ke ne nke ke ka itlhatswa teng, ka hlweka na? A tloha ka tseo, a tsamaya a le bohale haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Na metsi a dinoka tsa Damaseka, bo-Abana le Parapara, ha a a hlweka ho feta metsi wohle a naha ya Iseraele? Na nke ke ka tola ho tsona, yaba ke a fola?” Naamane a kgutla, a tsamaya a halefile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:12
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nka kobo ya Elia, e weleng ho yena, a phutla metsi ka yona, a re: O kae Jehova, Modimo wa Elia? Hobane le yena a phutle metsi, a arohela ka nqa tse pedi, mme Elisha a tshela.


Elia a nka kobo ya hae, a e tshopha, a phutla metsi; a arohana kalehare, mme ba tshela ba babedi moo ho omileng.


Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.


Yaba Naamane o re: Ha ho le jwalo, o dumelle mohlanka wa hao a newe shoba tsa mobu o lekanang diesele tse pedi. Hobane mohlanka wa hao ha a sa tla etsetsa modimo osele setjheso, leha e le sehlabelo, haese Jehova feela.


Motho ya bohale o etsa tsa bowatla, mme ya ditaba tse lonya o a hlouwa.


Ya diehang ho halefa o fetisa mohale; ya hlolang pelo ya hae o fetisa ya hapang metse.


Maele a motho a mo etsa ya sebete; kganya ya hae ke ho mamella ho sitelwa ke ba bang.


Molebeletswa wa ka, tloha Lebanone le nna, o eme, o tadime o le hlorong ya Amana, hlorong ya Senire le Hermone, matsabeng a ditau, dithabeng tsa mangau!


Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


Ka tsatsi leo, metsi a kollang a tla tswa Jerusalema, karolo e nngwe ya wona e phallele lewatleng la Botjhabela, e nngwe e phallele lewatleng la Bophirimela; ho nne ho be jwalo lehlabula le mariha.


Mehleng eo, Jesu a tswa Nasaretha, motse wa Galelea, mme a kolobetswa ke Johanne nokeng ya Jordane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ