Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Empa Naamane a halefa, a tsamaya a ntse a re: “A ke le boneng! Ke ne ke hopotse hore motho enwa o tla tla ka seqo, a tlo ema kapele ho nna, a rapele Morena Modimo wa hae, mme ka letsoho la hae a pholle moo lepera le leng teng, ebe le a fola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:11
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona.


Yaba o tloha ho yena, a ikwalla ka lemati le bara ba hae; ba mo tlisetsa dipitsa, mme yena a qhatsetsa ho tsona.


Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.


Ana Abana le Parpare, dinoka tsa Damaseka, ha di ntle ho feta metsi wohle a Iseraele na? Ana ke ne nke ke ka itlhatswa teng, ka hlweka na? A tloha ka tseo, a tsamaya a le bohale haholo.


Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.


Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.


O se ke wa ipona bohlale. Tshaba Jehova, o sesefe bobe.


Mosadi a re: E, Morena; empa le tsona dintjanyana di ye di thole makumane a wang tafoleng ya beng ba tsona.


Empa mohlankana, ha a utlwa polelo eo, a ikela a swabile haholo, hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.


Empa molaodi wa lekgolo a bua, a re: Morena, ha ke na tokelo ya hobane o kene tlung ya ka; o mpe o bue polelo feela, mme mohlanka wa ka o tla fola.


Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.


Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.


Yaba Jesu o re ho yena: Ha le sa bone mehlolo le meeka, ha le ke le dumela.


Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ