Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Elisha a roma leqosa ho yena, a re: “Tsamaya, o yo tola hasupa ka nokeng ya Jorodane, mme nama ya hao e tla hloma, ebe o a fola.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:10
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ya mohloding wa metsi, a tshela letswai teng, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke phekotse metsi ana; ha ho sa tla tswa lefu teng, leha e le ho nyopa ha naha.


A re: Ho thwe ke Jehova: Tjhekang dikotikoti sekgutlong sena;


A nna a tloha, a itsamaela ka tlung, a boela a nyoloha, a ikotlolla hodima hae; jwale ngwana a ethimola hasupa, mme ngwana a tutubolla mahlo a hae.


Yena a re: Tlisang phofo; mme a e faha pitseng, a ntoo re: Tsholelang batho bana, ba tle ba je. Mme ho bo ho se letho le lebe ka pitseng.


Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.


Yaba o theoha, a itebisa hasupa hara Jordane, ka polelo ya monna wa Modimo; mme nama ya hae ya boela ya eba jwaloka nama ya ngwana e monyenyane, a hla a hlweka.


Naamane a ya ka pere tsa hae le ka koloi ya hae, a ema monyako wa ntlo ya Elisha.


Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso.


Empa seaparo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o hlatswitsweng moo letheba le hlakohileng, o tla hlatsuwa la bobedi, mme o tla hlweka.


moprista o tla qopetsa monwana wa hae wa letsoho le letona oleng eo a nang le yona seatleng sa hae se setshehadi, mme ka monwana wa hae o tla foka hasupa pela Jehova.


o tla nka lehong la kedare, le hisopa, le krimsone, le serobele se utlwang, mme o tla di qopetsa hammoho mading a serobele se hlabilweng, le metsing a molatswana, mme o tla foka ntlo eo hasupa ka wona.


o tla foka hasupa hodima motho ya itlhatswang lepera la hae, mme o tla re, o hlatswehile, a ntoo lesa serobele se sa utlwang se fofele nahathothe.


A nke madi a mang a pohwana ka monwana wa hae, a foke hodima sekwahelo ka wona, ka nqa botjhabela; o tla foka ka madi hasupa ka monwana wa hae pela sekwahelo.


o tla foka aletare ka madi ao hasupa ka monwana wa hae, a e hlwekise, a e halaletse ka baka la tse sa hlwekang tsa bana ba Iseraele.


Monna eo ya hlwekileng o tla foka ya sa hlwekang ka tsatsi la boraro le la bosupa, mme o tla mo hlwekisa ka tsatsi la bosupa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; mme mantsiboya o tla hlweka.


Moprista Eleasare o tla nka madi a sethole ka monwana, mme o tla foka wona hasupa ka nqa kapele ho tente ya pokano.


Hobane lengeloi le ne le ye le theohele letsheng ka mehla e meng, le fudue metsi, mme ya neng a kena letsheng pele, hobane metsi a fuduwe, o ne a fodiswa, leha a ne a kula ke lefu lefe le lefe].


a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona.


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ