Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 5:1
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.


Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.


Mohlomong, Basiria ba ne ba futuhile ka dihlopha, ba ne ba thopile morwetsanyana naheng ya Iseraele; ya eba lekgabunyane la mosadi wa Naamane.


Ka baka leo, lepera la Naamane le tla o kgomarela, wena le ditloholo tsa hao kamehla. Yaba o tswa pela hae, e le molepera, a sweufetse a ka lehlwa.


Ha bo ho le banna ba balepera ba le bane pela kgoro ya motse; ba bolellana, ba re: Na re tla dula moo, re be re shwe na?


Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.


Hobane Mordekai o ne a le moholo tlung ya morena, mme botumo ba hae bo ne bo se bo ile dinaheng tsohle; hobane efela monna eo, Mordekai, o ne a eya a ntse a hola.


Jehova a hauhedisa Baegepeta setjhaba. Hape, le Moshe e ne e le motho e moholo haholo naheng ya Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.


Pere e lokisetswa letsatsi la ntwa; empa poloko ke ya Jehova.


Le balepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, empa ha ho a ka ha eba e mong wa bona ya ntlafaditsweng, haese Naamane wa Mosiria.


Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.


Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,


Empa ka ho re, ke se ke ka iphahamisa ka boholo ba ditshenolo tseo tse tlodisang, ke neilwe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le nkwahlele, hore ke se ke ka iphahamisa.


Haele naha ya bana ba Ammone, ha o a ka wa e atamela, leha e le lebopo lohle la nokana ya Jabboke, le metse e thabeng, leha e le sebaka sefe le sefe seo Jehova, Modimo wa rona, a neng a re hanetse ho atamela pela sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ