Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Jwale, ba tsholela banna, ba re, ba je; yare ha ba eja meroho, ba howeletsa, ba re: Oho, monna wa Modimo, lefu le ka pitseng. Ba sitwa ho ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 Ba qhatsetsa banna bao hore ba ke ba habole. Ha ba qala ba habola lesheleshele leo, ba howa, ba re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ba re tsheletse!” Yaba ha ba sa le habola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:40
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong, Jakobo o ne a phehile dijo; Esau a fihla a etswa naheng, a kgathetse.


Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Akasia a pheta a romela ho Elia molaodi e mong wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; a ya mmolella, a re: Monna wa Modimo, morena o re: O theohe kapele.


Akasia a romela hape la boraro molaodi wa ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano; mme molaodi wa boraro wa ba mashome a mahlano a nyoloha, a tla, a kgumama ka mangole pela Elia, a mo rapela, a re ho yena: Monna wa Modimo, bophelo ba ka le bophelo ba bahlanka bana ba hao ba mashome a mahlano e be ba bohlokwa mahlong a hao.


Yaba morena o romela ho Elia molaodi wa banna ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano. A tla ho yena, a mmona a dutse hodima thaba, a re ho yena: Monna wa Modimo, morena o re, o theohe.


E mong a tswela naheng ho kga moroho; a fumana maraka a naheng, a kga ditholwana tsa wona, a di phutha, a tla, a di petsolela pitseng ya meroho, ba mpa ba sa di tsebe.


A re ho monna wa hae: Bona, ke a tseba hobane enwa ya fapohelang ha rona kamehla ke monna ya halalelang wa Modimo.


Jwale, ako tshwarele sebe sa ka lekgetlo lena feela, mme o rapele Jehova, Modimo wa lona, a ke a tlose lefu lena feela ho nna.


Ba ba ba fihla Mara, empa ba sitwa ho nwa metsi a Mara, kahobane a ne a baba; ke ka baka lena a reilweng bitso la Mara (ho baba).


ba tla tshwara dinoha, mme leha ba nwele ntho e ka ba bolayang, ha e ka ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ