Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Yaba Elisha o boela Gilgale; tlala e ne e wele naheng, mme bara ba baporofeta ba tla, ba dula pela hae. A re ho mohlankana wa hae: Hlatleha ka pitsa eo e kgolo, o apehele bara ba baporofeta moroho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:38
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong, Jakobo o ne a phehile dijo; Esau a fihla a etswa naheng, a kgathetse.


Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


Mohla Jehova a tla nyolosetsa Elia lehodimong ka sefefo, Elia le Elisha ba tloha Gilgale.


Teng, bara ba baporofeta ba Bethele ba tswela ho Elisha, ba re ho yena: Ana o a tseba hobane Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? A re: E, ke a tseba; kgutsang.


Yaba mosadi e mong, wa basadi ba bara ba baporofeta, o lla ho Elisha, a re: Mohlanka wa hao, monna wa ka, o timetse; o a tseba hobane mohlanka wa hao o ne a tshaba Jehova; jwale monna eo re leng molato ho yena o tlile ho nka bara ba ka ba babedi, hore a ba etse bafo.


E mong a tswela naheng ho kga moroho; a fumana maraka a naheng, a kga ditholwana tsa wona, a di phutha, a tla, a di petsolela pitseng ya meroho, ba mpa ba sa di tsebe.


Elisha a ntoo bolella mosadi eo a pholositseng mora hae, a re: Tloha, o ikele le ba ntlo ya hao, o ye ho jaka moo o ka jakang teng; hobane Jehova o laelitse tlala, mme e fela e tla wa lefatsheng ka dilemo tse supileng.


ba kga dimela tse babang tsa meru; metso ya dihlahla ke dijo tsa bona;


Ho lehlohonolo motho ya nkutlwang, ya lebelang menyako ya ka ka metsotso yohle, ya fadimehang mathuleng a monyako wa ka.


ba reng: Ha ho eso ho be nako; re ka nna ra haha matlo; motse ona ke pitsa, mme rona re dinama.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Babolauwa ba lona bao le ba rapaladitseng hara motse, ke bona bao e leng dinama, mme motse ke pitsa; haele lona, le tla ntshwa ho wona.


Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,


O ke o behele ntlo ya bahanyetsi papiso, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tlhatleha pitsa mollong, o e tlhatlehe, o e tshele metsi.


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


Empa Amose a araba, a re ho Amatsia: Nna, ha ke moporofeta, leha e le mora moporofeta; empa ke modisa, ke phela ka ho ikgella ditholwana tsa sikomora.


A araba, a re ho bona: Ba fepeng e le lona! Ba re ho yena: Na o re, re ye ho ba rekela bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, re tle re ba fepe na?


O ne a na le ngwanabo, ya bitswang Maria, ya bileng a tla, a dula maotong a Jesu, a mamela lentswe la hae.


Kamora matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba botsa.


Kannete ke re ho lona: Basadi ba bahlolohadi ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng, mehleng ya Elia, mohla lehodimo le kwalwang ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, mme tlala e kgolo ya eba teng lefatsheng lohle;


Yaba batho ba tswela ho ya bona ho entsweng; ba fihla ho Jesu, ba fumana motho eo batemona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, a ena le ditaba: mme ba tshaba.


Monna eo batemona ba tswileng ho yena a mo rapela, hore a mo dumelle ho ya le yena; empa Jesu a mo kgutlisa, ka ho re:


Empa a re ho bona: Ba fepeng, e le lona. Ba re: Re na le mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi; haese hore e be rona re ka yang ho rekela setjhaba sena sohle dijo!


Yaba Jesu o re ho bona: Bana, na ha le na se ka jewang na? Ba mo araba, ba re: Tjhe.


Eitse hobane ba fihle lebopong, ba bona mashala a hlenneng, dihlapi di beilwe hodima wona, le bohobe.


kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena.


Eitse hobane ho fete matsatsi a se makae, Pauluse a re ho Barnabase: Ha re boeleng re etele baena ba rona metseng yohle eo re boletseng lentswe la Morena ho yona, re bone kamoo ba dutseng kateng.


Yaba o re: Nna, ke Mojuda, ya tswaletsweng Tarese wa Silisia; ke mpa ke holetse motseng wona maotong a Gamaliele; ka rutwa ka mokgwa o fetisisang ho ya ka molao wa bontata rona, ka ba le tjheseho ho Modimo jwaloka lona kaofela kajeno.


Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ