Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Elisha a bitsa Gehasi, a re: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa, mme ha a kena ho yena, Elisha a re: Nka mora wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 Elisha a bitsa Gehasi, a re: “Bitsa mosadi yane wa Moshuneme.” Gehasi a mmitsa. Hoba mosadi eo a kene kamoo Elisha a neng a le kateng, Elisha a re ho yena: “Nka mora wa hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:36
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba batla jwalo morwetsana e motle naheng yohle ya Iseraele, ba fumana Abishage wa Shuneme, mme ba mo tlisa ho morena.


Ebile Elia o nka ngwana, a mo theosa phaposing e kahodimo a mo isa ka tlung, a mo neela mmae; mme Elia a re: Bona, mora hao o a phela.


A nna a tloha, a itsamaela ka tlung, a boela a nyoloha, a ikotlolla hodima hae; jwale ngwana a ethimola hasupa, mme ngwana a tutubolla mahlo a hae.


A kena a itihela maotong a hae, a inama fatshe; a ba a nka mora hae, a tswa.


Yaba o re: Se inole. A otlolla letsoho, a se inola.


Elisha a ntoo bolella mosadi eo a pholositseng mora hae, a re: Tloha, o ikele le ba ntlo ya hao, o ye ho jaka moo o ka jakang teng; hobane Jehova o laelitse tlala, mme e fela e tla wa lefatsheng ka dilemo tse supileng.


Yaba mofu o a dula, a qala ho bua; mme Jesu a mo nea mmae.


Basadi ba boetse ba newa ka tsoho bafu ba bona. Ba bang ba hlokofaditswe ka sehloho, ba hana ho lokollwa, ba tle ba bone tokoloho e fetisang tsohong ya bafu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ