Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 A nna a tloha, a itsamaela ka tlung, a boela a nyoloha, a ikotlolla hodima hae; jwale ngwana a ethimola hasupa, mme ngwana a tutubolla mahlo a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Elisha a ema, a nna a tsamaya kahara ntlo. A boela a hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, mme ngwana a thimola hasupa, yaba o a tutuboloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:35
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile o paqama hodima ngwana hararo, a howeletsa ho Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa ka, moya wa ngwana a o ke o boele ka ho yena!


Jehova a utlwa lentswe la Elia, mme moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, a boela a phela.


A re ho mohlanka wa hae: Ako nyolohe, o tadime ka nqa lewatleng. A nyoloha, a tadima, a re: Ha ho letho. Elia a re: Boella hasupa.


Eitse mohlomong, ha ho patwa mofu, ba bona ho hlaha sehlopha. Ebile ba lahlela mofu lebitleng la Elisha, mme mofu ha a thetsa masapo a Elisha, yaba o boela a phela, a tsoha, a ema ka maoto.


Elisha a bitsa Gehasi, a re: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa, mme ha a kena ho yena, Elisha a re: Nka mora wa hao.


Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.


Yaba o theoha, a itebisa hasupa hara Jordane, ka polelo ya monna wa Modimo; mme nama ya hae ya boela ya eba jwaloka nama ya ngwana e monyenyane, a hla a hlweka.


Elisha a ntoo bolella mosadi eo a pholositseng mora hae, a re: Tloha, o ikele le ba ntlo ya hao, o ye ho jaka moo o ka jakang teng; hobane Jehova o laelitse tlala, mme e fela e tla wa lefatsheng ka dilemo tse supileng.


Yare a sa phetela morena kamoo a neng a tsositse mofu kateng, ha hlaha mosadi eo mora hae a tsositsweng, a tla rapela morena ka baka la ntlo ya hae le la masimo a hae. Gehasi a re: Oho, morena, monga ka, ke yena enwa mosadi le mora hae, eo Elisha a mo tsositseng.


Yaba moya wa hae o kgutlela ho yena, a tsoha kapele. Jesu a laela hore ba mo fe dijo.


Petrose a re, ba ke ba tswele ntle kaofela; yaba o kgumama ka mangwele, a rapela, a ntoo retelehela ho setopo, a re: Tabitha, tsoha! Yaba eo o tutubolla mahlo, mme ha a bona Petrose, a dula.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ