32 Elisha a kena ka tlung, a bona ngwana a shwele, a robaditswe malaong a hae.
32 Ha Elisha a kena ka tlung a fumana ngwana a le hodima bethe ya hae, a shwele.
Kamora tseo, mora mosadi, mong a ntlo, a kula; bohloko ba mo totela haholo, ha ba ha fela moya ka ho yena.
Ebile mmae o nyoloha, a mo robatsa malaong a monna wa Modimo, a mo kwalla ka lemati, a tswa.
Haele Gehasi, a ya pele ho bona, a bea lere hodima sefahleho sa ngwana; empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le kutlo. A ba a kgutla, a kgahlanyetsa Elisha, a mo tsebisa, a re: Ngwana ha a tsoha.
A kena, a ikwalla le yena ba babedi ka lemati, a rapela Jehova.
Jesu ha a fihla, a fumana matsatsi a se a le mane a le lebitleng.