Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Jehova a re: Na nka patela Abrahama seo ke yang ho se etsa,


Nathane a re ho morena: Eya, o etse tsohle tse pelong ya hao, etswe Jehova a le ho wena.


A tloha jwalo, a fihlela monna wa Modimo thabeng ya Karmele.


Monna wa Modimo, ha a mmona a sa le hole, a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bona, mosadi wa Shuneme ke yane. Titima, o mo kgahlanyetse, o re ho yena: Hleka o sa dutse hantle, le monna wa hao o sa dutse hantle, le ngwana o sa dutse hantle na? A re: Re dutse hantle.


E mong wa bahlanka ba hae, a re: Oho, morena, monga ka, ha o yo; ke Elisha, moporofeta ya Iseraeleng, ya isang ho morena wa Iseraele le mantswe a buwang ke wena kamoreng ya hao ya ho robala.


Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka.


Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong.


Pelo e jarisa motho ho baba ha hae; empa pelo e robehileng e ka tsoswa ke mang?


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


Empa Jesu a se ke a mo araba letho. Barutuwa ba hae ba atamela, ba mo rapela, ba re: Mo kgutlise, hobane o howa a ntse a re latela.


Mme bongata jwa ba kgalemela, jwa re, ba kgutse; empa bona ba eketsa ho howa, ba re: O re utlwele bohloko, Morena, mora Davida!


Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.


Yaba o tlisetswa bana, hore a ba ame; barutuwa ba hae ba ne ba kgalemela ba ba tlisang.


Empa Jesu a re: Mo leseng; le mo utlwisetsang bohloko? O nketseditse ketso e molemo.


A ema maotong a hae kamora hae, a ntse a lla; a qala ho mo kolobisa maoto ka meokgo ya hae, a ntoo a hlakola ka moriri wa hlooho ya hae; a mo aka maoto, a a tlotsa ka setlolo.


Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.


Yaba barutuwa ba hae ba fihla, mme ba makala ka hoba a ne a bua le mosadi; leha ho le jwalo, ha ho a ka ha eba ya reng ho yena: O batlang? kapa: O buelang le yena?


A tla a hlokofetse moyeng wa hae, a rapela Jehova, a ntse a lla habohloko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ