Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Elisha a re: A ka etsetswang? Gehasi a re: Empa seo a se hlokang ke mora, hape monna wa hae o se a tsofetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Elisha a re: “Jwale re ka mo etsetsa eng?” Gehasi a re: “Ha a na ngwana, le monna wa hae o se a tsofetse.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?


Isaaka a rapela Jehova bakeng sa Rebeka, mosadi wa hae, hobane e ne e le nyopa; Jehova a utlwa thapelo ya hae, mme Rebeka, mosadi wa hae, a emola.


Eitse ha Ragele a bona hoba ha a tswalle Jakobo bana, Ragele a honohela moholwane wa hae, a re ho Jakobo: Nnee bana; ho seng jwalo, ke a shwa.


Elisha a re ho Gehasi: Mmolelle hle, o re: Bona, o re babaletse ka paballo e kgolo; o ka etsetswang? Kapa o rata ho rapellwa pela morena, leha e le pela molaodi wa makgotla na? Yena a re: Tjhe, ke dutse setjhabeng sa heso.


A re: Ako mmitse. A mmitsa, a tla, a ema monyako.


Empa ba ne ba se na ngwana, kahobane Elisabetha e ne e le nyopa, hape ba ne ba se ba hodile ba babedi.


Monna o ne a le teng Tsorea, wa leloko la Dane, lebitso la hae e le Manowa; mosadi wa hae e ne e le nyopa, a sa tswale bana.


O ne a ena le basadi ba le babedi, lebitso la e mong e le Anna, lebitso la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a na le bana, Anna yena e ne e le nyopa.


Elkana, monna wa hae, o ne a nna a re ho yena: Anna, o llelang, mme ha o je keng? Na pelo ya hao e ntshofaletseng? Na, ho wena, ha ke fetise bara ba leshome na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ