Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Elisha a re ho Gehasi: Mmolelle hle, o re: Bona, o re babaletse ka paballo e kgolo; o ka etsetswang? Kapa o rata ho rapellwa pela morena, leha e le pela molaodi wa makgotla na? Yena a re: Tjhe, ke dutse setjhabeng sa heso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Ere ho yena: ‘O ikgathaditse haholo ka ho re hlokomela; re ka o etsetsa eng? Na o na le seo re ka o buellang ka sona ho kgosi, kapa ho molaodi wa mabotho?’ ” Mosadi a araba, a re: “Ha ke tletlebiswe ke letho hara setjhaba sena sa heso.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 4:13
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haese feela see bahlanka ba se jeleng, le kabelo ya banna ba ileng le nna, Boanere, le Eshkole, le Mamre, bona ba ke ba nke kabelo ya bona.


Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


A re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa; a tla, a ema pela hae.


Elisha a re: A ka etsetswang? Gehasi a re: Empa seo a se hlokang ke mora, hape monna wa hae o se a tsofetse.


Elisha a ntoo bolella mosadi eo a pholositseng mora hae, a re: Tloha, o ikele le ba ntlo ya hao, o ye ho jaka moo o ka jakang teng; hobane Jehova o laelitse tlala, mme e fela e tla wa lefatsheng ka dilemo tse supileng.


Ha a fihla, a bona balaodi ba makgotla ba dutse, a re: Ke na le taba le wena, monghadi. Jehu a re: Le mang ho rona moo? A re: Le wena, monghadi.


O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.


Le tle le mo amohele Moreneng, jwalokaha bahalaledi ba tshwanelwa ke ho amohelwa, mme le mo thuse nthong tsohle tseo a ka le hlokang ho tsona; hobane le yena o thusitse ba bangata, le nna ka sebele.


Ntumedisetseng Maria, ya re sebeleditseng haholo.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


Hobane Modimo ha o kgopo; o ke ke wa lebala mesebetsi ya lona, le kamoo lerato la lona le sebeditseng kateng ka baka la lebitso la wona, ha le babaletse bahalaledi, le jwale le sa ba baballa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ