Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba morena wa Iseraele, le morena wa Juda, le morena wa Edomo a tloha, a potoloha ka ditshiu tse supileng; ha hlokahala metsi a makgotla le a dipelesa tse a latelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Jwale dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, tsa tsamaya leeto la matsatsi a supileng, metsi a nowang ke bahlabani le diphoofolo a ba a fela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:9
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le re: Ho thwe ke morena: Kenyang monna eo teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.


Ba setseng ba Basodoma, ba neng ba siilwe mehleng ya ntatae Asa, a ba fiela naheng.


Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.


Jorame, mora Akabe, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e mmedi sa Josafate, morena wa Juda; a busa ka lemo tse leshome le metso e mmedi.


Morena wa Iseraele a re: Jo! Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe!


Ha a tloha, a romela ho Josafate, morena wa Juda, ka ho re: Morena wa Moabe o mphetohetse; hleka o tla ya le nna ho lwantsha Moabe na? Yena a re: Ke tla ya; ke ka wena le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao, le dipere tsa ka di ka pere tsa hao.


A ba a re: Re tla ya ka tsela efe? Yena a re: Ka tsela e yang le lefeella la Edomo.


Mehleng ya hae, Baedomo ba fetohela Juda, ba ipehela morena.


Bahlanka bana ba hao kaofela ba ya tla ho nna, ba iname ho nna, ba re: Tswa, wena, le setjhaba sohle se o setseng morao; mme e be hona ke tswang. Yaba Moshe o tloha ho Faro, a tletse bohale.


Yaba Moshe o tlosa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu, ba tsamaela lefeelleng la Shure, ba tsamaya ka matsatsi a mararo feelleng, ba sa bone metsi.


Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.


Ho ne ho se metsi teng a ka nowang ke phutheho; yaba e lwantsha Moshe le Aarone.


Na ke ka baka lang le tlisitseng phutheho ya Jehova lefeelleng lena, hore re shwele teng, rona le makgomo a rona?


Na ke ka baka lang ha le re nyolotse Egepeta hore re tlo shwela lefeelleng na? Hobane, mona, ha ho bohobe, ha ho metsi, mme pelo tsa rona di tennwe ke bohobe bona bo sa tsebisahaleng.


Ba tloha Alushe, ba emisa Refidime, moo setjhaba se sa kang sa fumana metsi a ho nwa.


Barake a phuthela Sabulone le Nefthali, Kedeshe, ka mokgosi, mme a nyoloha a setswe morao ke banna ba kete tse leshome; le yena Debora a nyoloha le yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ