Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba o nka mora hae wa letsibolo, ya beng a tshwanetse ho mo hlahlama boreneng, a mo etsa sehlabelo sa setjheso hodima lerako. Yaba Baiseraele ba halefelwa haholo, ba ba ba tloha, ba boela naheng ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Jwale kgosi ya Moabe ya nka mora wa yona wa matsibolo, ya neng a tla e hlahlama, ya etsa nyehelo ya setjheso ka yena hodima lerako. Baiseraele ba kenwa ke letswalo hoo ba ileng ba tloha motseng oo, ba kgutlela naheng ya habo bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha Abrahama a emisa mahlo a hae, a tadima, mme a bona pheleu e le kamora hae, e tshwasehile dihlahleng ka manaka; yaba Abrahama o ya, a nka pheleu, mme a e etsa setjheso bakeng sa mora wa hae.


Wa re: Nka mora wa hao, ya mong ho wena, eo o mo ratang, yena Isaaka; o ye naheng ya Moria, o mo etse teng sehlabelo sa setjheso hodima thaba e nngwe eo ke tlang ho o bolella yona.


Yaba ho fihla moporofeta e mong ho Akabe, morena wa Iseraele, a re: Jehova o re: Na bongata boo bo boholo o bo bone na? Bona, ke ya bo neela matsohong a hao kajeno, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova.


Ha tla monna wa Modimo, a re ho morena wa Iseraele; Jehova o re: Ka baka la hobane Basiria a ba itse: Jehova ke modimo wa dithaba, hase modimo wa mahwatata, ke tla neela bongata boo bo boholo matsohong a hao, le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Morena wa Iseraele a ikela hae, a hloname, a halefile, mme a fihla Samaria.


Morena wa Moabe, ha a bona a hlotswe ke ntwa, a inkela banna ba makgolo a supileng, ba tshwereng disabole, a tle a phunye ho fihla moreneng wa Edomo, ba mpa ba sitwa.


Hape, wa nka bara le baradi ba hao, bao o neng o ntswaletse bona, wa ba hlabela tsona, hore di ba je. Na bootswa ba hao e ne e le ntho e nyenyane,


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Moabe — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo, ba a etsa molora;


Na Jehova o tla kgahlwa ke pheleu tse dikete, ke mashome a dikete a dinoka tsa ole? A ke tla ntsha mora wa ka wa letsibolo bakeng sa bokgopo ba ka, ke ntshe ya tswileng maleng a ka bakeng sa sebe sa moya wa ka na?


O se ke wa etsa Jehova, Modimo wa hao, jwalo, hobane manyala wohle ao Jehova a a hloileng, ba ditjhaba tseo ba a etseditse medimo ya bona; esita le bara ba bona le baradi ba bona, ba ne ba ba tjhesetsa medimo ya bona.


motho ya tla tswa menyakong ya ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa, mohla ke kgutlang ka kgotso ke hlotse bana ba Ammone, e tla ba wa Jehova, mme ke tla mo etsa setjheso.


Eitse hobane kgwedi tse pedi di fele, a kgutlela ho ntatae, mme eo a mo etsa ka kano ya hae, a sa ka a tseba monna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ