Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ba qhaqha metse; e mong le e mong a akgela lejwe la hae masimong wohle a matle; ba kata didiba tsohle tsa metsi, ba rema difate tsohle tse monate; ba betsang ka letjeketjane ba teela Kire-Haresethe hare, ba o senya, ba siya majwe feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ba heletsa metse, mme masimong wohle a matle monna ka mong a akgela lejwe la hae, masimo ao a tlala majwe. Ba kata didiba tsohle, ba rema le difate tsohle tse ntle. Ke motse wa Kire-Harese feela o sa kang wa heletswa; leha ho le jwalo, bo-ramatjeketjane ba o potapota, ba o ruthutha ka majwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:25
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Didiba tsohle tse neng di tjhekilwe ke bahlanka ba ntatae, mehleng ya Abrahama, ntatae, Bafilesta ba di thiba, ba di kata ka mobu.


Isaaka a boela a tjheka didiba tse neng di tjhekilwe mehleng ya Abrahama, ntatae, hobane Bafilesta ba ne ba di katile, hoba Abrahama a shwe; a boela a di rea mabitso ao di neng di reilwe wona ke ntatae.


A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.


Le tla fedisa metse yohle e dikilweng ka marako, le metse yohle e metle; le tla rema difate tsohle tse monate, le kate didiba tsohle tsa metsi, le senye masimo wohle a matle ka majwe.


Empa ha ba fihla diahelong tsa Iseraele, Baiseraele ba tsoha, ba qhala Bamoabe, bao ba ba ba baleha pela bona; yabe esale ba eya ba ntse ba bolaya Bamoabe, ho ya kena naheng ya bona.


Morena wa Moabe, ha a bona a hlotswe ke ntwa, a inkela banna ba makgolo a supileng, ba tshwereng disabole, a tle a phunye ho fihla moreneng wa Edomo, ba mpa ba sitwa.


Ha hla ha phutheha batho ba bangata, mme ba kata didiba tsohle le molatswana o neng a phalla hare ho naha, ba re: Na marena a Assiria, ekare a sa fihla, a ka hla a fumana metsi a mangata na?


Boporofeta hodima Moabe: Are-Moabe o patetswe bosiu; o fedile;


Mala a ka a duma hodima Moabe jwaloka harepa, le pelo ya ka hodima Kire-Harese.


Ka baka leo, Moabe o tla lla hodima Moabe, ba lle kaofela; le tla fehelwa hodima dithako tsa Kire-Haresethe, hobane le ntse le tepeletse haholo.


Ka baka leo, ke fehelwa bakeng sa Moabe, ke fehelwa bakeng sa Moabe kaofela; bakeng sa batho ba Kire-Hereshe ho a fehelwa.


Ka baka leo, pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa Moabe; pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa batho ba Kire-Hereshe, kahobane ho neng ho bokeletswe ho timetse.


Jehova a re ho nna: O se ke wa qala Bamoabe, mme o se ke wa ba lwantsha, hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bona; kahobane ke neile bana ba Lota Are, hore e be lefa la bona.


Abimeleke a ba lwantsha tsatsi lena lohle, a ba a kena motse, a bolaya batho ba teng, mme a heletsa motse, a o jala letswai.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ