Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Josafate a re: Lentswe la Jehova le ho yena. Ebile morena wa Iseraele, le Josafate, le morena wa Edomo, ba theohela ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Jehoshafate a re: “Elisha ke moporofeta wa Morena.” Yaba dikgosi tsa Iseraele, le Juda, le Edomo, di theohela ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:12
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ya mohloding wa metsi, a tshela letswai teng, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke phekotse metsi ana; ha ho sa tla tswa lefu teng, leha e le ho nyopa ha naha.


Josafate a re: Hleka ha ho moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na? E mong wa bahlanka ba morena wa Iseraele a fetola, a re: Elisha, mora Shafathe, o teng, ya neng a tshella Elia metsi matsohong.


Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.


A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Bara ba bahlorisi ba hao ba tla tla ho wena, ba ikokobeditse; ba o nyatsitseng kaofela ba tla inama maotong a hao; ba tla o bitsa: motse wa Jehova, Sione wa Mohalaledi wa Iseraele.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ