Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Josafate a re: Hleka ha ho moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na? E mong wa bahlanka ba morena wa Iseraele a fetola, a re: Elisha, mora Shafathe, o teng, ya neng a tshella Elia metsi matsohong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwale Jehoshafate a re: “Na moporofeta wa Morena ha a yo moo, eo re ka reng a re botsete ho Morena?” E mong wa bahlanka ba kgosi ya Iseraele a araba, a re: “Elisha, mora wa Shafate, o teng mona. Ke yena eo e neng e le mosebeletsi wa Elia.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 3:11
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, mme le kgatholohe tlasa fate sena.


A kgutla, a nka pholo tsa joko e le nngwe, a di hlaba, mme ka mesebetsi ya dipholo a besa nama ya tsona, a abela setjhaba, sa eja. A ntoo tloha, a latela Elia, a mo sebeletsa.


Yaba Josafate o re: Ana ha ho sa le moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na?


Jwale, a tloha teng, a ya thabeng ya Karmele, a ntoo boela Samaria.


Morena wa Iseraele a re: Jo! Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe!


Josafate a re: Lentswe la Jehova le ho yena. Ebile morena wa Iseraele, le Josafate, le morena wa Edomo, ba theohela ho yena.


Leha ho le jwalo, a phehella dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.


Saule a shwa jwalo ka baka la boikgantsho ba hae, boo a neng a ikgantsheditse Jehova ka jona, bakeng sa lentswe la Jehova leo a sa kang a le boloka, le bakeng sa hobane a ne a botsitse ba bitsang bafu, hore a ipotsetse ditaba ho bona,


Yaba Davida o botsa Jehova, a re: Na ke tla ya lwantsha Bafilesta? na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho yena: Eya, mme ke tla ba neela matsohong a hao.


Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo wa re ho yena: O se ke wa ba latela; o mpe o ba kgelohe, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.


Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.


Josafate a re: Ana ha ho sa le mporofeta wa Jehova mona, eo re ka mmotsang na?


Ha re sa bona dipontsho tsa rona; ha ho sa le moporofeta, ha re sa na motho ya ka tsebang hore na ho tla ba jwalo ho isa kae.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


Empa yena, le tseba diketso tsa hae, kamoo a ntshebeleditseng Evangeling kateng, jwoloka ngwana ha a sebeletsa ntatae.


ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.


Eitse hobane Moshe, mohlanka wa Jehova, a timele, Jehova a bolella Joshua, mora Nune, qobo ya Moshe, a re:


Ebile banna ba Iseraele ba nka mofahong wa bona, ba sa ka ba botsa molomo wa Jehova.


Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ