Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa makgotla a Bakalde a phallela morena, a mo tshwara lehwatateng la Jeriko; mme makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Bahlabani ba Bakalatiya ba phaladisa kgosi, ba e tshwara ha e le diphuleng tsa Jeriko. Bahlabani bohle ba kgosi ba e qhalanela, ya sala e le inotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.


Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, mme a ahlolwa teng.


La na la re: Tjhe, re mpa re tla baleha re kaletse dipere. Ke ka baka leo le tla balehiswa. La re: Re rata ho kalla dipere tse lebelo! Ka baka leo, ba tla le lelekisa ka lebelo le fetisang.


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.


Mme wena, o ke ke wa phonyoha matsohong a hae, o mpa o tla tshwarwa, o neelwe matsohong a hae; mahlo a hao a tla bona mahlo a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa hao, mme o tla ya Babilona.


Yaba makgotla a Bakalde a ba phallela, mme ba fihlela Tsedekia mahwatateng a Jeriko; ba mo tshwara, ba mo tlisa ho Nebukadresare, morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe; a ahlolwa teng.


Makgotla a Bakalde a phallela morena, a ba a fihlela Tsedekia lehwatateng la Jordane; yaba makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.


Juda o ile kgolehong ka ho hlomodiswa le ka botubo bo boholo; o hara ditjhaba, a sa bone moo a ka phomolang teng; bahlorisi ba hae kaofela ba mo fihletse a le moo ho patisaneng.


Bokgabane kaofela ba moradi wa Sione bo fedile ho yena, baholo ba hae ba jwaloka ditholo tse sa boneng makgulo, tse balehang di feletswe ke matla pela ba di lelekisang.


Haele bohle ba mo teetseng hare, le metlatsetsa ya hae, le makgotla a hae, ke tla ba qhalanyetsa meyeng yohle, ke ba phallele ke tsomotse lerumo.


Haele ba balehileng bohle ba makgotla wohle a hae, ba tla dihuwa ke lerumo, masala a bona a qhalanyetswe meyeng yohle; le tle le tsebe hoba ho buile nna Jehova.


Haele wena, o tle o etse kodiyamalla ka mahosana a Iseraele,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ