Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka la boroba mono o le mong la kgwedi ya bone, tlala e ne e le kgolo motseng, ho se ho se bohobe bo saletseng setjhaba sa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone selemong sona seo, tlala e ne e se e le kgolo hara motse, hoo setjhaba sa naha eo se neng se se se hloka le thathana ya bohobe feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha lwantshwa motse, ha ba ha thwasa selemo sa leshome le motso o mong sa ho busa ha Tsedekia.


Kamora tseo, Ben-Hadade, Morena wa Syria, a phutha makgotla wohle a hae, a futuha, a ya thibella Samaria.


Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.


Hobane, bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o ya tlosa Jerusalema le Juda matla le kotlo yohle, kotlo yohle ya bohobe, le kotlo yohle ya metsi;


Ke tla ba jesa nama ya bara ba bona le nama ya baradi ba bona; e mong o tla ja nama ya motswalle wa hae tsietsing le patisong eo ba tla patiswa ka yona ke bao e leng dira ho bona le ke ba batlang bophelo ba bona.


Yaba morena Tsedekia o laela hore Jeremia a bewe lebaleng la teronko, a newe ka tsatsi le leng le le leng polokwe ya bohobe e tswang seterateng sa diapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng. Mme Jeremia a hlola lebaleng la teronko.


Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.


Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa.


Ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong, tlala e be e le kgolo motseng; ho ne ho se bohobe ho setjhaba sa lefatshe.


Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ke neele dikahlolo tsena tsa ka tse mpe tse nne, e leng lerumo, le tlala, le dilalome tse bohale, le lefu la sewa, ho wela Jerusalema, hore ho kgaolwe batho le dikgomo teng,


Ha ho le jwalo, hona ha hao ba nang le bana ba tla ja bara ba bona, bara ba je bontata bona, mme ke tla o hlahisetsa dikahlolo, ke qhalanyetse masala wohle a hao ka nqa tsohle.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Kantle ho na le lerumo, kateng ke lefu la sewa le tlala. Ya leng naheng o tla shwa ke lerumo, ya leng motseng a jewe ke tlala le lefu la sewa.


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ