Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Haele setjhaba se kileng sa sala fatsheng la Juda, se tlohetsweng ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, a bea Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, hore e be mmusisi wa sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a kgetha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be yena mmusi wa Bajuda ba ileng ba sala moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:22
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a laela moprista Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Akbore, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia, mohlanka wa morena, a re:


Leha ho le jwalo, ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa mofuta wa borena, a tla le banna ba leshome, a bolaya Gedalia, a shwa; a bolaya le Bajuda le Bakalde ba nang le yena Mitspe.


mme morena a laela Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Abdone, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia mohlanka wa morena,


Empa letsoho la Akikame, mora Shafane, la emela Jeremia, hore a se ke a neelwa matsohong a setjhaba ho bolawa.


ba romela ho ntsha Jeremia lebaleng la ntlo ya teronko, ba mmea ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a tle a mo nkele ha hae. Mme Jeremia a nna a sala hara setjhaba.


Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa leloko la borena, tona ya morena, a tla ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a ena le batho ba leshome, mme ba dula teng dijong hammoho, Mitspe.


hobane ba ne ba ba tshaba, hobane Ishmaele, mora Nethania, o ne a bolaile Gedalia, mora Akikame, eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha.


Yaba Ishmaele, mora Nethania, le batho ba leshome bao a nang le bona, ba ema, ba hlaba Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, ka lerumo, ba mmolaya, e le eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha;


Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, ba nka masala kaofela a Juda a neng a kgutlile ditjhabeng tsohle moo a neng a qhalanyeditswe teng, ho tla aha lefatsheng la Juda;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ