2 Marena 25:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)19 Hape motseng a tshwara tona e nngwe, mohlahlobi wa banna ba ntwa, le banna ba bahlano bao e neng e le baeletsi ba morena ba fumanweng motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, momemi wa makgotla a setjhaba sa lefatshe la Juda, le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba fumanweng motseng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE19 Hona motseng moo a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba bahlano, ba bao e neng e le baeletsi ba kgosi, bao a fumaneng ba ntse ba le moo motseng. A thopa le mongodi e moholo wa molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, ba neng ba le teng moo motseng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hape, a nka motseng molebedi e mong ya neng a beilwe ho hlahloba bahlabani, le banna ba supileng ho ba neng ba ema pela morena, ba ileng ba fumanwa motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, ya neng a mema setjhaba sa lefatshe; le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba ileng ba fumanwa hara motse.