Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Molaodi wa bahlabani ba morena a tshwara le Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya mo hlahlamang, le balebedi ba bararo ba monyako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:18
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebedi ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ya Jehova mesebetsi yohle e etseditsweng Baale, le Ashtarothe, le makgotla wohle a lehodimo; a e tjhesa kantle ho Jerusalema, masimong a pela Kedrone, mme melora ya yona ya iswa Bethele.


Asaria a tswala Seraia, Seraia a tswala Jehotsadake.


Kamora tseo, mohla ho busang Artakserksese, morena wa Persia, Esdrase mora Seraia, mora Asaria, mora Hilkia,


Yaba Pashkure, mora Immere, moprista le mohlahlobi e moholo wa ntlo ya Jehova, o utlwa Jeremia ha a porofeta ditaba tseo.


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, mohla morena Tsedekia a romang ho yena Pashkure mora Malkia, le Sofonia mora Maaseia, moprista, ka ho re:


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ekare ha o rometse mangolo ka lebitso la hao ho setjhaba kaofela se Jerusalema le ho Sofonnia, mora Maaseia, moprista, le ho baprista kaofela, a reng:


Moprista Sofonia a bala lengolo leo ditsebeng tsa moporofeta Jeremia.


Le yena Tsedekia, morena wa Juda, le mahosana a hae, ke tla ba neela matsohong a ba batlang bophelo ba bona le matsohong a makgotla a morena wa Babilona, a tswa le kgutlela.


Molaodi wa balebedi a nka Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya hlahlamang, le balebedi ba bararo ba menyako.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Babolauwa ba lona bao le ba rapaladitseng hara motse, ke bona bao e leng dinama, mme motse ke pitsa; haele lona, le tla ntshwa ho wona.


Nka dimpho ho ba tswang kgolehong, ho Heldai, le Tobija, le Jedaia ... ke ho re, o ye ka tsatsi lena, tlung ya Josiase, mora Sofonia, moo ba fihletseng teng, ha ba etswa Babilona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ