Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:11
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A isa Babilona kgolehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong; ya eba bafo ba hae le ba bara ba hae ho ya fihla pusong ya mmuso wa Persia;


Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong, ba neng ba isitswe kgolehong Babilona ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,


marole a rona ha a tswala, mme dikgeo, le ho patelwa, le mekgosi mapatlelong a rona di le siyo:


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a Bakalde, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a o kene.


Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.


Ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome la kgwedi, e leng ka selemo sa leshome le metso e robileng mono o le mong sa Nebukadresare, morena wa Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ya neng a sebeletsa morena wa Babilona, a tla Jerusalema.


Ba banyenyane ba setjhaba le masala a setjhaba, ba neng ba setse motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Nebukadresare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a isa kgolehong Bajuda ba makgolo a supileng a nang le mashome a mane a metso e mehlano. Batho kaofela e bile dikete tse nne tse nang le makgolo a tsheletseng.


Ere: Ke nna setshwantsho sa lona. Ba tla etsetswa jwalokaha ke entse; ba tla falla, ba ye kgolehong.


Haele ba balehileng bohle ba makgotla wohle a hae, ba tla dihuwa ke lerumo, masala a bona a qhalanyetswe meyeng yohle; le tle le tsebe hoba ho buile nna Jehova.


O tle o tjhese boraro ba wona mollong, hara motse, ha ho se ho phethehile ditshiu tsa thibello; o boele o nke boraro ba wona, o bo hlabe ka lerumo, o ntse o pota motse; boraro bo bong ba wona o bo akgele moyeng, ke tle ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Jehova o tla o isa, wena, le morena wa hao eo o tla ipeela yena setjhabeng seo wena le baholo ba hao o sa kang wa se tseba, mme teng o tla sebeletsa medimo esele e entsweng ka mahong le ka majwe;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ