Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 25:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa boroba mono o le mong sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema ka makgotla a hae kaofela, a emisa pela teng. Ba haha diqhobosheane ka nqa tsohle ho wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 25:1
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tshiung tsa hae, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, mme Jojakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo; a ntoo kweneha, a mo fetohela.


Mohlang oo, bahlanka ba Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba futuhela Jerusalema, mme motse wa thibellwa.


Ha lwantshwa motse, ha ba ha thwasa selemo sa leshome le motso o mong sa ho busa ha Tsedekia.


Ka kgwedi ya bohlano, ka tsatsi la bosupa la kgwedi ya selemo sa leshome le metso e robileng mono o le mong sa ho busa ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena le mohlanka wa morena wa Babilona, a kena Jerusalema.


Ke eo Jehotsadake ya ileng kgolehong, mohla Jehova a tlosang Juda le ba Jerusalema ka letsoho la Nebukadnesare.


Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema.


Hobane ke tla o lalla ka nqa tsohle, ke o teele hare ka makgotla, mme ke tla haha difika tse phahameng ho o lwantsha.


O ke o re botsetse Jehova, hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o a re lwantsha; ekaba Jehova a ka re etsetsa o mong wa mehlolo ya hae, hore eo a tlohe ho rona.


Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.


Ke lona lentswe le tswileng ho Jehova, la ba la tla ho Jeremia, selemong sa leshome sa Tsedekia, morena wa Juda, e leng selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa Nebukadresare.


Makgotla a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema, mme moporofeta Jeremia o ne a kwaletswe lebaleng la teronko e neng e le ka tlung ya morena wa Juda;


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a Bakalde, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a o kene.


Ba mo teela hare jwalokaha ho etswa ke balebedi ba tshimo, kahobane a nkwenehetse, ho bolela Jehova.


o ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bona, ke se ke tla romela ho lata Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, ke bee terone ya hae majweng ana ao ke a patileng, mme a ale tente ya hae hodima wona.


Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.


Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.


Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi ha a bewa morena, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


Badisa ba ya tla ho yena le mehlape ya bona, ba hlome ditente tsa bona ho e kopela hare, e mong le e mong a fudise bakeng sa hae.


Mme wena, mora motho, o porofete, o ope ka diatla tsa hao, lerumo le ke le kgehlepele habedi, hararo: ke lerumo le bolayang, lerumo le bolayang ba baholo, le ba teelang hare ka nqa tsohle.


Hobane Morena Jehova o re: Bonang, ke tla lata Nebukadresare, morena wa Babilona, morena wa marena, leboya, ke mo tlise Tire, a tle ka dipere, le makoloi, le bapalami, le setjhaba, le sera se seholo.


Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


Se tla o thibella metseng yohle ya hao, marako a hao a malelele, a matla, ao o a tshepileng naheng yohle ya hao, a be a wele fatshe; se tla o thibella metseng yohle ya hao lefatsheng lohle leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ