Haele ditaba tse ding tsa Jojakime, le manyala a entsweng ke yena, le tse fumanweng ho yena, bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele le a Juda. Mme Jojakine, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, morena wa Juda: A ke ke a ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida, mme setopo sa hae se tla lahlelwa kantle komellong ya letsatsi le serameng sa bosiu.