Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 24:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 le ka baka la madi a se nang molato a tsholotsweng ke yena, kamoo a neng a tlatsitse Jerusalema kateng, ka madi a se nang molato; mme Jehova ha a ka a rata ho ba tshwarela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Hape e ne e le ka baka la madi a se nang molato, ao Manase a neng a a tsholle, a etsa hore madi a se nang molato a phalle kahohle Jerusalema; kahoo Morena a sitwa ho mo tshwarela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 24:4
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,


Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a phetsa ho halefela Juda haholo, ka baka la tsohle tseo Manasse a mo halefisitseng ka tsona.


Haele taba tse ding tsa Jojakime, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara ba bona le a baradi ba bona, bao ba ba hlabetseng ditshwantsho tsa Kanana; mme naha ya silafala ke madi.


Ke mahlo a boikgohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tshollang madi a se nang molato;


Ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, ka baka la Manasse, mora Esekiase, morena wa Juda, le ka baka la seo a se entseng Jerusalema.


Erekaha ba ntlhobohile, ba ngadile nqalo ena, mme teng dibano ba di tjheseditse medimo esele e sa kang ya tsejwa ke bona le ke bontata bona le ke marena a Juda, mme ba tlatsitse nqalo ena ka madi a se nang molato;


Etswe le mosehong wa kobo ya hao ho fumanwa madi a meya ya mafutsana a se nang molato, ao o sa kang wa a tshwara a phunya ntlo ya hao, empa e le ka baka la mekgwa eo ya hao yohle.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


Hobane motse ona o nnile wa hlahisa bohale le kgalefo ho nna, ho nka mohla ba o hahileng, ho fihlela tsatsi lena, hore ke tle ke o tlose pontsheng ya ka;


Re sitilwe, ra ba ra ikgantsha, mme wena, ha o a ka wa rekolohela.


o re: Morena Jehova o re: Ke motse o tshollang madi kahara wona, hore nako ya wona e tle e fihle, mme o iketsetsa ditshwantsho ho itshilafatsa ka tsona.


Ho jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse oa madi! ke pitsa e mafome, eo mafome a yona a sa tloheng. E tshole ka disuma tsa yona; ho se ke ha laolwa.


Ka hore kgalefo e nyolohe, hore ke iphetetse ho wona, ke kahoo ke beileng madi a wona lefikeng le hlobotseng, hore a se ke a apeswa.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Le jellela le madi, le emisetsa mahlo a lona ditshwantshong tsa lona, le tsholla madi; mme le re, le tla rua lefatshe lena?


Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona; hobane madi a silafatsa naha; ho ke ke ha etswa pheko esele ya madi a tsholotsweng ho yona, haese ka madi a ya a tsholotseng.


hore madi a se nang molato a se ke a tshollwa lefatsheng la hao, leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua, mme molato wa madi o be siyo ho wena.


E mong ha a utlwile dipolelo tsa thohako ya kano ena ya lona, ekare ha a ka ithorisa pelong ya hae, a re: Ke tla ba le kgotso, leha ke tsamaya kamoo pelo ya ka e thata e lakatsang kateng, hore ke timetse se noseditsweng le se omileng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ