Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 24:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le Jehova a romela ho mo lwantsha dihlopha tsa Bakalde, le dihlopha tsa Siria, le dihlopha tsa Moabe, le dihlopha tsa bana ba Ammone, di tle di timetse Juda, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka bahlanka ba hae, baporofeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 24:2
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.


Ho itswe ke Jehova: Bona, ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka ho latela mantswe wohle a buka e badilweng ke morena wa Juda.


Hobane Jehova o fela a ne a itse: Le Juda ke tla mo tlosa pela ka, jwalokaha ke tlositse Iseraele, ke lahle le Jerusalema, motse wona oo ke neng ke ikgethetse wona, le ntlo eo ke neng ke itse, lebitso la ka e tla be e sa le le le teng ho yona.


Yaba o ba etsetsa dijo tse ngata, ba eja, ba enwa; a ntoo ba kgutlisa, mme ba ikela ho morena wa bona. Mme makgotla a Siria ha a ka a hlola a kena naheng ya Iseraele.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


Ba tswile naheng e hole le dipheletsong tsa lehodimo: ke Jehova le dibetsa tsa kgalefo ya hae tse tlileng ho senya lefatshe kaofela.


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.


Ho nna lefa la ka ke lenong, ke phiri; manong a le teetse hare. Tloong, le bolelle dibatana kaofela tsa naha, di tle dijong.


Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa setjhaba kaofela sa Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, e neng e le sa pele sa Nebukadresare, morena wa Babilona;


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Le hona motho o ne a le teng ya porofetang ka lebitso la Jehova, e leng Uria, mora Shemaia, wa Kiryathe-Jearime; o ne a ntse a porofeta bakeng sa motse wona le sa fatshe lena, kahohle jwaloka mantswe a Jeremia.


ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a Bakalde, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a o kene.


Empa enere ha Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela lefatshe lena, ra ba ra re: Tloong, re keneng Jerusalema, re tloheng pela makgotla a Bakalde le pela makgotla a Basiria; yaba ke moo re ahileng Jerusalema.


Ba setjhaba bao Nebukadresare a ileng a ba isa kgolehong, ke bana: Ka lemo sa bosupa ya eba Bajuda ba dikete tse tharo tse nang le mashome a mabedi a metso e mararo.


Sione o otlolla matsoho, ha ho ya mo tshedisang. Jehova o laetse bakeng sa Jakobo hore dira di mo kopele hare; Jerusalema o fetohile manyala hara bona.


Yaba ditjhaba tse ka mathoko di tla e lwantsha, tsa e alla letlowa la tsona, yaba ya tshwaswa lemeneng la tsona.


e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Hobane ke se ke ya tsosa Bakalde, setjhaba seo se bohale, se mafolofolo, se haholang bophara bohle ba lefatshe, ho hapa dinaha tseo e seng tsa sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ