Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 24:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Morena wa Babilona a bea Matthania, ngwanabo ntata Jojakine, tulong tsa hae, a mo fetola lebitso, a mo rea la Tsedekia.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Kgosi ya Babilona ya bea Mataneya, rangwana Jehoyakine, hore e be kgosi ya Juda, mme ya fetola lebitso la hae, ya mo rea la Sedekiya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 24:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Faro-Neko a ntoo bea Eliakime, mora Josiase, morena tulong tsa ntatae Josiase; a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime; mme a ya le Joakase; eo a ya Egepeta, a shwela teng.


Morena wa Egepeta a bea Eliakime, ngwanabo Joakase, morena wa Juda le Jerusalema, mme a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime. Haele Joakase, ngwanabo, Neko a ya le yena, a mo isa Egepeta.


La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, mohla morena Tsedekia a romang ho yena Pashkure mora Malkia, le Sofonia mora Maaseia, moprista, ka ho re:


Tulong tsa Jekonia, mora Jojakime, ha busa Tsedekia, mora Josiase, a beilwe morena lefatsheng la Juda ke Nebukadresare, morena wa Babilona.


Lentswe la Jehova le kileng la tla ho moporofeta Jeremia, bakeng sa Elame, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, la re:


Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi ha a bewa morena, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


A ntoo nka e mong wa lesika la borena, a hlaba selekane le yena, a ba a mo antsha; a tlosa dinatla tsa naha,


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: o tla shwela nqalong yona eo moo ho phelang eo a entsweng morena ke yena, eo a kgesitseng kano ya hae, eo a tlotseng selekane sa hae, o tla shwela hona moo ha hae, Babilona.


Yaba bara ba Babilona ba tla ho yena, diphateng tsa marato, ba mo silafatsa ka bootswa ba bona; le yena a silafatsana le bona, empa moya wa hae wa furallana le bona.


Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ