Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 24:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Le dinatla tsohle, e leng banna ba dikete tse supileng, ka ditei le malala a sekete se le seng, e leng ba matla kaofela le ba tsebang ho lwana, morena wa Babilona a ba isa Babilona kgolehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Bahlabani bohle ba dikete tse supileng, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala a sekete, le bohle ba dinatla, ba matsholathebe, le bona kgosi Nebukadenesare a ba tlosa Jerusalema, a ba isa bothopuweng Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 24:16
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.


Leha ho le jwalo, molaodi wa bahlabani ba morena a siya mafutsana a lefatshe, hore a leme masimo a merara le masimo a mang.


Baiseraele kaofela ba balwa jwalo masikeng a bona; ba ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele. Haele Juda, a iswa kgolehong Babilona ka baka la meikgantsho ya hae.


Ke tla o neela matsohong a ba batlang bophelo ba hao, le matsohong a bao o thothomelang pela bona, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matsohong a Bakalde.


Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.


Ba setjhaba bao Nebukadresare a ileng a ba isa kgolehong, ke bana: Ka lemo sa bosupa ya eba Bajuda ba dikete tse tharo tse nang le mashome a mabedi a metso e mararo.


A ntoo nka e mong wa lesika la borena, a hlaba selekane le yena, a ba a mo antsha; a tlosa dinatla tsa naha,


o re: Morena Jehova o re: Ntsu e kgolo e dipheo di telele, e setono se selelele, e masiba a teteaneng, a mebalabala, e ne e tle Lebanone, mme ya nka ntlha ya kedare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ