Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 24:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 A thopa baahi bohle ba Jerusalema, le mahosana wohle, le bahlabani bohle, kaofela e le bathopuwa ba dikete tse leshome. A thopa le ditsebi tsohle tsa mesebetsi ya matsoho, le malala wohle, ha se ke ha sala le ya mong, haese mafutsana a naha eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 24:14
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le dinatla tsohle, e leng banna ba dikete tse supileng, ka ditei le malala a sekete se le seng, e leng ba matla kaofela le ba tsebang ho lwana, morena wa Babilona a ba isa Babilona kgolehong.


Leha ho le jwalo, molaodi wa bahlabani ba morena a siya mafutsana a lefatshe, hore a leme masimo a merara le masimo a mang.


Baiseraele kaofela ba balwa jwalo masikeng a bona; ba ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele. Haele Juda, a iswa kgolehong Babilona ka baka la meikgantsho ya hae.


Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong, ba neng ba isitswe kgolehong Babilona ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,


ha fihla Hanani, e mong wa banabeso, ba ena le banna ba bang ba Juda; ka ba botsa taba tsa Bajuda ba phonyohileng, e leng masala a setseng a kgoleho, le tsa Jerusalema;


O ne a nkilwe Jerusalema, a isitswe kgolehong hammoho le Jekonia, morena wa Juda, ya neng a isitswe kgolehong ke Nebukadnesare, morena wa Babilona.


monna ya matla le ya bohale ntweng, maohlodi le moporofeta, senohe le kgosana;


ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a sa kang a ya le wona mohla a tshwarang Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, Jerusalema, a ba a mo isa kgolehong Babilona, hammoho le baholo kaofela ba Juda le ba Jerusalema;


Le Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le ba kgolehong kaofela ba Juda ba ileng Babilona, ke tla ba busetsa nqalong ena, ho bolela Jehova, hobane ke tla roba joko ya morena wa Babilona.


Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.


Empa haele mafutsana a setjhaba, a se nang eng le eng, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a a tlohela lefatsheng la Juda, a ba a a nea masimo a merara le masimo a lengwang.


Balaodi kaofela ba makgotla a leng naheng, ba ena le batho ba bona, eitse ha ba utlwa hobane morena wa Babilona o beile Gedalia, mora Akikame, ho disa lefatshe, le hobane o beile matleng a hae banna, le basadi, le bana, le ba banyenyane ba lefatshe, ba neng ba sa ka ba iswa kgolehong, Babilona;


Empa hara mafutsana a lefatshe, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a siya balemi ba merara le ba masimo.


Ba setjhaba bao Nebukadresare a ileng a ba isa kgolehong, ke bana: Ka lemo sa bosupa ya eba Bajuda ba dikete tse tharo tse nang le mashome a mabedi a metso e mararo.


hore mmuso o tle o kokobetswe, o sitwe ho hola, o tle o tiisetse selekaneng sa hae, hore o tle o phele.


o re: Morena Jehova o re: Ntsu e kgolo e dipheo di telele, e setono se selelele, e masiba a teteaneng, a mebalabala, e ne e tle Lebanone, mme ya nka ntlha ya kedare.


Josiase a tswala Jekonia le banababo, mohla Bajuda ba iswang kgolehong Babilona.


Jekonia a tswala Salathiele, ha setjhaba se se se isitswe Babilona; Salathiele a tswala Sorobabele;


Mme jwale, ho qala ka Abrahama, ho isa ho Davida, meloko yohle ke meloko e leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa kgolehong ya Babilona, ke meloko e leshome le metso e mene; mme hape, ho tloha kgolehong ya Babilona ho isa ho Jesu Kreste, ke meloko e leshome le metso e mene.


Jehova o tla o isa, wena, le morena wa hao eo o tla ipeela yena setjhabeng seo wena le baholo ba hao o sa kang wa se tseba, mme teng o tla sebeletsa medimo esele e entsweng ka mahong le ka majwe;


Mehleng eo, ho ne ho sa fumanwe lelala naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesta ba ne ba itse: Baheberu ba se ke ba iteela disabole leha e le marumo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ