2 Marena 23:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 A lata le baprista bohle metseng ya Juda, a silafatsa dinqalo tse diphahameng, moo baprista ba neng ba tjhesa dibano, ho qala Geba, ho ya fihla Beerseba; a diha le dinqalo tse diphahameng tse dikgorong, e nngwe e le pela monyako wa Joshua, modisa wa motse, e nngwe e le ka ho le letshehadi la motho ha a kena ka monyako wa motse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE8 Kgosi Josiya a leleka baprista bohle metseng ya Juda, a silafatsa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, moo baprista bao ba neng ba tjhesetsa mokubetso teng, e leng ho tloha Geba ho ya fihla Beeresheba. A heletsa dibaka tsa borapedi tse dikgorong tsa metse eo, e leng monyakong wa Kgoro ya Joshua, mookamedi wa motse, e neng e le ka letsohong le letshadi la kgoro ya motse. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.