Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A qhaqha le matlo a Basodoma a ka tlung ya Jehova, moo basadi ba neng ba lohela Ashtarothe masela a ditente.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 A heletsa matlo a banna ba kgethetsweng ho etsa bohlola, a neng a le ka Tempeleng ya Morena, e leng moo basadi ba neng ba lohela masela a etsang diaparo tsa Ashera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho ne ho le le Basodoma naheng eo, ba etsa ka manyala wohle a ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele.


A leleka Basodoma naheng, a tlosa ditshwantsho tsohle tse entsweng ke bontatae.


Haele taba tse ding tsa Josafate, le matla ao a entseng ka wona, le kamoo a lwanneng kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Yaba Josiase o tlosa manyala wohle a mafatshe wohle ao e leng a bana ba Iseraele; a kganna bohle ba naheng ya Iseraele hore ba sebeletse Jehova, Modimo wa bona. Ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, ha ba ka ba kgeloha tshebeletso ya Jehova, Modimo wa bontata bona.


Wa nka diaparo tse ding tsa hao, wa iketsetsa dinqalo tse diphahameng tse kgabisitsweng ka mebalabala, wa boka hona teng, e leng se neng se eso ho ka se etswa, se sa lokeleng le ho ba teng.


A ntoo nkisa monyako wa ntlo ya Jehova o lebileng nqa leboya, mme ka bona basadi ba dutse teng, ba llela Tammuse.


Ke tla mo kgalemela ka baka la matsatsi a boBaale ao a ba tjheseditseng dibano ka wona, a bileng a latela dinyatsi tsa hae, a ikgabisitse ka lesale le ka sefaha, athe nna a ntebala, ho bolela Jehova.


Hlorong tsa dithaba ba etsa mahlabelo, hodima maralla ba tjhesa dibano, tseo ba di etsa katlase ho eike le poplare le terebinthe, hobane moriti wa tsona o monate. Ke ka baka leo baradi ba lona ba iketsang diotswa, le dingwetsi tsa lona di etsang bofebe.


Ha nka ke ka kgalemela baradi ba lona, kahobane ba iketsa diotswa, le dingwetsi tsa lona, kahobane di a feba, hobane lona le ya ka thoko le diotswa, le etsa mahlabelo le ena le basadi ba bafebi. Setjhaba se se nang kutlwisiso se a timela.


Iseraele a duladula Sittime, mme setjhaba sa qala teng ho etsa bohlola le baradi ba Moabe.


Ho se ke ha eba seotswa hara baradi ba Iseraele; hape, ho se ke ha eba le a mong wa bara ba Iseraele ya ineelang bohlola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ