Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A leleka baprista ba ditshwantsho ba neng beilwe ke marena a Juda ho tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, metseng ya Juda, le mathokong a Jerusalema; a leleka le ba tjhesetsang Baale, le letsatsi le kgwedi, le dihlopha tsa dinaledi, le makgotla wohle a lehodimo dibano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 A leleka baprista ba bohata, bao dikgosi tsa Juda di ileng tsa ba hlomamisa ho tjhesa mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema. A leleka ba neng ba tjhesetsa Baale mokubetso, ba o tjhesetsa le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng tshweu tsohle tsa lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:5
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hahela le makgotla wohle a lehodimo dialetare mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova.


A boela a tsosa dinqalo tse diphahameng tse neng di qhaqhilwe ke Esekiase ntatae; a hahela boBaale dialetare, a etsa le diashera; a kgumamela makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


Ha qhaqhwa pela hae dialetare tsa boBaale; a heletsa ditshiya tsa letsatsi tse neng di beilwe hodima tsona; a robaka diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng; a di sila phofo, mme a e tshollela mabitleng a ba neng ba di hlabetse mahlabelo.


Na o ka hlahisa dinaledi tsa lehodimo mehleng ya tsona, kapa ke wena ya tsamaisang Koloi le dinaletsana tsa yona?


A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.


Bakeng sa namane ya Bethe-Avene, baahi ba Samaria ba tshohile; e, setjhaba sa teng se a e llela, le baprista ba yona ba tlakasela bakeng sa yona, ka baka la kganya ya yona, hobane e tlohile ho yona.


Mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima Juda le hodima baahi bohle ba Jerusalema, ke tle ke timeletse nqalong eo masala wohle a Baale, lebitso la baruti ba ditshwantsho hammoho le baprista;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ