Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebedi ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ya Jehova mesebetsi yohle e etseditsweng Baale, le Ashtarothe, le makgotla wohle a lehodimo; a e tjhesa kantle ho Jerusalema, masimong a pela Kedrone, mme melora ya yona ya iswa Bethele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:4
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho bohle ba lefatshe ba ne ba ntse ba bokolla, ha setjhaba sohle se ntse se ya pele; morena a ba a tshela molapo wa Kedrone, le setjhaba sohle sa tshela, se nkile tsela e yang feelleng.


Yaba o bea e nngwe Bethele, e nngwe a e bea Dane.


Esita le mmae Maaka, a mo ntsha sefumahading, hobane a ne a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho seo sa hae, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone.


A etsa jwaloka eka ho bile honyenyane ho ya ka dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, a tlodisa ka ho nyala Jesebele, moradi wa Ethebaale, morena wa Basidone, a ya, a sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.


Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.


Empa ke tla siya Baiseraele ba kete tse supileng, bohle bao mangole a bona a sa kang a kgumamela Baale, le melomo yohle ya bona e sa kang ya mo aka.


Ba ntsha diemahale tse ka tlung ya Baale, ba di tjhesa.


Enere ha ba bona hoba ditjhelete di ngata letloleng, mongodi wa morena le moprista e moholo ba ne ba tla, ba bale tjhelete tse fumanweng tlung ya Jehova, ba di kenye mekotleng.


Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.


A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


A hahela le makgotla wohle a lehodimo dialetare mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova.


A hloma setshwantsho se betlilweng sa Ashtarothe, seo a se entseng, ka tlung eo Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora hae Salomone: Ke tla nne ke bee lebitso la ka kamehla tlung eo le Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona melokong yohle ya Iseraele.


Eya ho Hilkia, moprista e moholo, o re, a bale ditjhelete tse ntseng di iswa ka tlung ya Jehova, tseo balebedi ba di nkang ho setjhaba;


Haele dialetare tse kahodima ntlo e kahodimo ya Akase, tse entsweng ke marena a Juda, le dialetare tse entsweng ke Manasse mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova, morena a di qhaqha, a di qhebolla, mme a lahlela lerole la tsona molatswaneng wa Kedrone.


Le aletare e Bethele le nqalo e phahameng e neng e entswe ke Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele, ke re, aletare eo le nqalo e phahameng ya teng, a di qhaqha, a tjhesa nqalo e phahameng, a e tula ya eba lerole; a ntoo tjhesa le ashera ya teng.


Molaodi wa bahlabani ba morena a tshwara le Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya mo hlahlamang, le balebedi ba bararo ba monyako.


Esita le Maaka, mmae, morena Asa a mo ntsha sefumahading, kahobane a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho sa hae, a se sila phofo, mme a se tjhese molatswaneng wa Kedrone.


A boela a tsosa dinqalo tse diphahameng tse neng di qhaqhilwe ke Esekiase ntatae; a hahela boBaale dialetare, a etsa le diashera; a kgumamela makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


Hape, a emisa setshwantsho se betlilweng, setshwantsho se entsweng ke yena, ka tlung ya Modimo, eo Modimo o neng o e boleletse Davida le Salomone, mora hae, ka ho re: Ke tla bea lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena, le motseng wa Jerusalema oo ke o kgethileng melokong yohle ya Iseraele;


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


Molaodi wa balebedi a nka Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya hlahlamang, le balebedi ba bararo ba menyako.


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.


Ha ho feba wena, Iseraele, Juda yena a se ke a seba! Le se ke la ya Gilgale, le se ke la etela Bethe-Avene; le se ke la ana ka ho re: Ka Jehova ya utlwang!


Eyang Bethele, le sebe; le atise ho seba Gilgale. Hlahisang mahlabelo a lona hosasa; ka tsatsi la boraro, le hlahise karolo ya leshome ya tseo le di ruileng.


Mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima Juda le hodima baahi bohle ba Jerusalema, ke tle ke timeletse nqalong eo masala wohle a Baale, lebitso la baruti ba ditshwantsho hammoho le baprista;


Mohlang oo, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa.


Yare kameso, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu ho mmolaya.


Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.


Ba furalla Jehova, mme ba sebeletsa Baale le boAshtarothe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ