Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ebile Faro-Neko o mo tlama ka mahlaahlela, Ribla, naheng ya Hamathe, hore a se ke a hlola a busa Jerusalema; a ntshisa lefatshe lekgetho la lekgolo la ditalenta tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Empa Faro Neko a mo kenya tjhankaneng Ribela, naheng ya Hamate, e le hore a se ke a busa Jerusalema. A ntshisa naha eo lekgetho la silefera e boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:33
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlang oo, Salomone a etsa mokete a ena le Baiseraele bohle, ba tlile ba le bangata pela Jehova, Modimo wa rona, ho tloha pela Hamathe ho tlisa molapong wa Egepeta, ka matsatsi a supileng a nang le matsatsi a mang a supileng, e le matsatsi a leshome le metso e mene.


Jwale Esekiase, morena wa Juda, a romela ho morena wa Assiria, Lakishe, a re: Ke sitilwe; kgutla ho nna; seo o tla ntjarisa sona ke tla se jara. Morena wa Assiria a lefisa Esekiase, morena wa Juda, ditalenta tse makgolo a mararo tsa silefera, le talenta tse mashome a mararo tsa kgauta.


Tshiung tsa hae, Faro-Neko, morena wa Egepeta, a futuhela morena wa Assiria, ho fihla nokeng ya Eufrate; le morena Josiase a ya mo kgahlanyetsa; empa Faro a mmolaela Megiddo, mohla ba teaneng.


Haele Jojakime, a nea Faro silefera le kgauta; a lekanya lefatshe kamoo le tshwanetseng ho ntsha tjhelete kateng, ka taelo ya Faro; a ntshisa setjhaba sa lefatshe silefera le kgauta, e mong le e mong kamoo a lekanyeditsweng kateng, e le hore ho newe Faro-Neko.


Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba tshwara, a ya le bona ho morena wa Babilona, Ribla.


Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, mme a ahlolwa teng.


Banna ha ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, mpa e senyeha, a mpa a sa tswe kotsi e isang lefung, ho tla lefshwa tefo e ka bewang ke monna wa mosadi eo, mme e tla lefshwa baahlodi ba le teng.


Motho ya bohale o tla jara kotlo ya teng; ha o mo lopolla, o tla boela a sebe.


Bakeng sa Egepeta, le bakeng sa makgotla a Faro-Neko, morena wa Egepeta, a neng a le pela noka ya Eufrate, Karkemishe, ao Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a a bolaya selemong sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda.


Ya heletsa matlo a bona a borena, ya senya metse ya bona; lefatshe le tsohle tse ho lona tsa fetoha lesupi ka lentswe la yona le purumang.


Tsa e hlahledisa serobeng sa ditshepe, di e qebile ka mautlana dinkong, tsa e isa ho morena wa Babilona; tsa e isa qhobosheaneng, hore lentswe la yona le se ke la hlola le utlwahala thabeng tsa Iseraele.


Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.


ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ