Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Le pele, ha ho a ka ha eba morena ya jwaloka yena, ya sokolohetseng ho Jehova ke pelo yohle ya hae, le ka moya wohle wa hae, le ka matla wohle a hae, ho etsa le ka tsohle tsa molao wa Moshe; le kamorao, ha ho a ka ha hlaha ya jwaloka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Pele ho yena ho ne ho eso ka ho eba le kgosi e kileng ya sebeletsa Morena jwaloka yena. A sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle, le ka moya wa hae wohle, le ka matla a hae wohle, ho ya ka Molao wohle wa Moshe. Le ho bahlahlami ba hae ha ho a ka ha eba le ya kang yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:25
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.


Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.


ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela ba tadimile nqa lefatsheng la habo leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;


A itshepela Jehova, Modimo wa Iseraele; hara marena wohle a Juda a bileng teng kamorao ho yena leha e le kapele ho yena, ha ho a ka ha eba ya tshwanang le yena.


Yena morena a ema pela tshiya, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova, le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, ka pelo yohle le ka moya wohle, le sa ho etsa le ka taba tsa selekane tse ngodilweng bukeng eo. Le sona setjhaba sohle sa emela selekane seo.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


ra itlama hore ha re ka ke ra neela baditjhaba ba lefatshe leo baradi ba rona, leha e le ho nkela bara ba rona baradi ba bona.


Na o re, o tla busa kahobane o lakatsa ntlo ya kedare na? Ha ke re, le ntatao o kile a ja le ho nwa na? Empa o ne a ntse a etsa ka kahlolo le ka ho loka; o ne a ena le kgotso ke hona.


Le tla mpatla, le be le mphumane, hobane le tla mpatla ka pelo tsohle tsa lona.


Hopolang molao wa Moshe, mohlanka wa ka, oo ke o laeletseng Baiseraele bohle ka yena, Horebe, e leng molao le ditaelo.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya?


Teng, le tla batla Jehova, Modimo wa hao, mme o tla mo fumana, ha o ka mmatla ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle.


Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ