Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Haele baloi le dinohe, le diterafime le ditshwantsho, le manyala wohle a neng a bonwa fatsheng la Juda le Jerusalema, Josiase a di lahla, hore a tsose ditaba tsa molao tse ngodilweng bukeng e fumanweng ke moprista Hilkia tlung ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Kahodima mona, dinohe, le baloi, le medingwana ya malapa, le medingwana ya bohata, le dintho tsohle tse nyonyehang, tse neng di le teng naheng ya Juda le Jerusalema, Josiya a di fedisa, e le hore a phethahatse mantswe a Molao, a neng a ngotswe bukeng eo Hilekiya a ileng a e fumana ka Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:24
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.


Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,


A ya le ka mehlala yohle eo ntatae a ileng ka yona, a sebeletsa ditshwantsho tse sebeleditsweng ke ntatae, a di kgumamela.


A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


Ke ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha Josiase Paseka ena e etseditsweng Jehova, Jerusalema.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Le se ke la kgelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho dinohe; le se ke la botsa ditaba ho bona, le tle le se ke la itshela ditshila ka bona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ekare ha e mong a fumanwa hara lona, e le monna, kapa mosadi, ya bitsang bafu, kapa a iketsa senohe, ba tla bolawa, ba tlepetswe ka majwe; madi a bona a tla ba hodima bona.


Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.


Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


Monna eo, Mika, o ne a na le ntlo ya modimo; a iketsetsa le efoda le diterafime, mme a kgetha e mong wa bara ba hae, a mmea moprista wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ