Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le baprista bohle ba nqalo tse diphahameng, a ba bolaela dialetareng, mme a tjhesa masapo a batho hodima tsona; a ntoo boela Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Baprista bohle ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba le moo, a ba bolaela hodima dialetare tseo, a tjhesetsa le masapo a batho hodima tsona, a nto kgutlela Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:20
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hoeletsa aletare ka taelo ya Jehova, a re: Wena aletare, aletare, Jehova o re: Bona, ngwana o tla tswallwa ntlo ya Davida, lebitso la hae e le Josiase; o tla hlaba hodima hao baprista ba nqalo tse diphahameng, ba tjhesang dibano hodima hao, le masapo a batho a tla tjheswa hodima hao.


Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.


Ha ba qetile ho hlahisa ditjheso, Jehu a re ho dititimi le ho matona: Kenang, le ba bolaye; ho se ke ha tswa leha a le mong. Ba ba bolaya bohle ka lerumo. Dititimi le matona ba ntoo ba lahlela kantle, mme ba kena le motseng wa ntlo ya Baale.


Yaba setjhaba sohle sa naha se kena ka tlung ya Baale, sa e qhaqha; dialetare le ditshwantsho tsa teng ba di robaka dikoto, ba di qeta; ba bolaya le Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare. Moprista a ntoo bea bahlahlobi hodima ntlo ya Jehova.


Hape, a tjhesetsa masapo a baprista dialetareng tsa bona; a hlwekisa Juda le Jerusalema jwalo.


Ya hlabelang medimo esele mahlabelo, kantle ho Jehova a nnotshi, a neelwe anathema.


Lerumo la Jehova le tletse madi, le kganathetse mafura le madi a dikonyana, le a diphooko, le mafura a difutsi tsa dipheleu; hobane Jehova o na le sehlabelo Botsra, le hlabo e kgolo naheng ya Edomo.


Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.


Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ