Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le matlo wohle a dinqalo tse diphahameng, tse metseng ya Samaria, tse entsweng ke marena a Iseraele, ho halefisa Jehova ka tsona, Josiase a a tlosa, a etsa ka wona kahohle kamoo a entseng Bethele kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Le ditempelana tse neng di le dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo dikgosi tsa Iseraele di neng di halefise Morena ka ho di haha metseng ya Samaria, Josiya a di heletsa, a di etsa seo a ileng a se etsa Bethele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:19
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A etsa matlo nqalong tse phahameng, a bea ba bang baprista hara setjhaba sohle, bao e seng bana ba Levi.


Hobane taba eo a howeleditseng aletare ya Bethele le matlo wohle a nqalo tse diphahameng tse metseng ya Samaria, e fela e tla hlaha ka polelo ya Jehova.


Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashtarothe, mme Akabe a etsa tse halefisang Jehova, Modimo wa Iseraele, ho fetisa marena wohle a Iseraele a bileng pele ho yena.


Bana ba Iseraele ba etsa ka sephiring ditaba tse sa kang tsa eba ntle ho Jehova, Modimo wa bona, ba ikgahela nqalo tse diphahameng metseng yohle ya bona, ho tloha ditoreng tsa dibohodi ho fihlela metseng e marako.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


A tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, kamoo ntlo ya Akabe e entseng kateng, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Eitse hobane tseo kaofela di fele, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba tloha, ba ya metseng ya Juda; ba robaka ditshwantso, ba heletsa diashera, ba qhaqha dinqalo tse diphahameng, le dialetare naheng yohle ya Juda le ya Benjamine, le ya Efraime le Manasse, ba ba ba qetedisisa; bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela metseng ya bona, e mong le e mong ha hae.


ba baka bohale ba wona ka dinqalo tsa bona tse diphahameng, le poulelo ya wona ka ditshwantsho tsa medimo ya bona.


Ho ntse ho bolokwa ditaelo tsa Omri le metsamao yohle ya ntlo ya Akabe! le ya ka merero ya bona, hore ke o etse tshenyeho, ke etse le baahi ba Jerusalema sesomo! mme le tla jara sekgobo sa setjhaba sa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ