Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 23:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 A tlosa le dipere tse kgethetsweng letsatsi ke marena a Juda; di be di le pela ntlo ya Jehova, kamoreng ya tona Nethane-Meleke, e lebaleng le kantle la tempele; a tjhesa le makoloi a letsatsi ka mollo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 A tlosa dipere tseo dikgosi tsa Juda di neng di di abetse letsatsi, tse neng di le monyako wa Tempele ya Morena, pela kamore ya Nathane-Meleke wa lehaole, mohlanka wa kgosi. Kamore ena e ne e le lebaleng la Tempele. Kgosi ya tjhesa dikariki tsa ntwa, tse neng di etseditswe letsatsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 23:11
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A leleka baprista ba ditshwantsho ba neng beilwe ke marena a Juda ho tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, metseng ya Juda, le mathokong a Jerusalema; a leleka le ba tjhesetsang Baale, le letsatsi le kgwedi, le dihlopha tsa dinaledi, le makgotla wohle a lehodimo dibano.


Parbare, ka nqa bophirimela, ha bewa ba bane pela mmila, ba le babedi hape Parbare.


le metseng yohle ya Juda a heletsa dinqalo tse diphahameng le ditshiya tsa letsatsi. Mme ntwa ya eba siyo ho yena mmusong wa hae.


Ha qhaqhwa pela hae dialetare tsa boBaale; a heletsa ditshiya tsa letsatsi tse neng di beilwe hodima tsona; a robaka diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng; a di sila phofo, mme a e tshollela mabitleng a ba neng ba di hlabetse mahlabelo.


ha ekaba nkile ka boha letsatsi ha le kganya, kapa kgwedi ha e tsamaya ka kganya ya yona,


Yaba o nkisa lebaleng le kantle, mme ka bona dikamore, ka bona le mokato wa majwe o entsweng lebaleng ho le teela hare; ho ne ho ena le dikamore tse mashome a mararo tse neng di teana le mokato oo.


Yaba o nkisa lebaleng le kahare la ntlo ya Jehova, mme ka bona monyako wa ntlo ya Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, banna ba batlileng ho etsa mashome a mabedi a metso e mehlano, ba furaletse ntlo ya Jehova, ba tadimile nqa botjhabela, ba kgumametse letsatsi, nqa botjhabela.


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ