Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Shafane, mongodi, a tla ho morena, a busetsa ditaba ho yena, a re: Bahlanka ba hao ba bokeletse ditjhelete tse fumanweng ka tlung, mme ba di beile matsohong a ba etsang mosebetsi, e leng balebedi ba ntlo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Jwale Shafane eo e neng e le mongodi, a fihla ho kgosi, a e tliseditse molaetsa, a re: “Bahlanka ba hao ba bokeletse tjhelete e neng e le ka Tempeleng. Ba e neile basebetsi ba hlokomelang Tempele ya Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 22:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.


Shafane, mongodi, a ntoo tsebisa morena, a re: Moprista Hilkia o nneile buka e nngwe. Ebile moo Shafane a e balang pela morena.


Morena a laela moprista Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Akbore, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia, mohlanka wa morena, a re:


Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa ho busa ha Josiase, morena a romela mongodi Shafane, mora Atsalia, mora Meshullame, tlung ya Jehova, a re:


Yaba Hilkia, moprista e moholo, o re ho Shafane, mongodi: Ke fumane buka ya molao ka tlung ya Jehova. Hilkia a nea Shafane buka, mme a e bala.


Haele setjhaba se kileng sa sala fatsheng la Juda, se tlohetsweng ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, a bea Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, hore e be mmusisi wa sona.


Empa letsoho la Akikame, mora Shafane, la emela Jeremia, hore a se ke a neelwa matsohong a setjhaba ho bolawa.


Lengolo a le neeletsa matsohong a Eleasa, mora Shafane, le Gemaria, mora Hilkia, bao Tsedekia, morena wa Juda, a neng a ba romela Babilona, ho morena wa Babilona; le ne le re:


ba romela ho ntsha Jeremia lebaleng la ntlo ya teronko, ba mmea ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a tle a mo nkele ha hae. Mme Jeremia a nna a sala hara setjhaba.


Hape, le Bajuda kaofela ba neng ba le Moabe, le setjhabeng sa bana ba Ammone, le Edomo, le ba neng ba le mafatsheng wohle a kamathoko, ba utlwa hobane morena wa Babilona o sietse Juda masala, le hobane o beile Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, modisa wa bona.


Yaba Ishmaele, mora Nethania, le batho ba leshome bao a nang le bona, ba ema, ba hlaba Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, ka lerumo, ba mmolaya, e le eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha;


Hape, ho le banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ya Iseraele; hara bona ho eme Jaasania, mora Shafane; ba eme pela tsona, e mong le e mong a ena le pitsa ya hae ya dibano ka letsohong la hae, mme mosi wa leru la dibano wa thukgubela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ