Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 22:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, a ya le ka mehlala yohle ya ntatae Davida, a se ke a kgelohela ho le letona leha e le ho le letshehadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 22:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha o utlwa tsohle tseo ke tla o laela tsona, o tsamaya tseleng tsa ka, o etsa tse lokileng mahlong a ka, o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha mohlanka wa ka Davida a entse, ke tla ba le wena, ke o hahele ntlo e tiileng, jwalokaha ke hahetse Davida, ke o nee Iseraele.


Asa a etsa tse lokileng mahlong a Jehova, jwaloka ntatae Davida.


Ha eba jwalo, kahobane Davida a ne a entse tse lokileng mahlong a Jehova, a sa ka a kgeloha taba le e nngwe ya tsohle tseo a mo laetseng tsona, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae, haese tabeng ya Uria Mohethe feela.


Salomone a re: O entse ntate Davida, mohlanka wa hao, ka lereko le leholo kamoo a nnileng a tsamaya pela hao kateng, ka nnete, le ka ho loka, le ka bokgabane ba pelo; o mmoloketse tshitso e kgolo ka ho mo nea mora, hore a dule teroneng ya hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


empa dinqalo tse diphahameng ha a ka a di tlosa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano dinqalong tse diphahameng.


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka Davida ntatae; a etsa ka tsohle tse neng di entswe ke ntatae Joase.


Akase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Empa ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, Modimo wa hae, jwaloka Davida ntatae.


A etsa ho leng hotle mahlong a Jehova, le ka tsohle tse entsweng ke Davida ntatae.


Jehova a ba ho Josafate, kahobane a nnile a tsamaya ka mehlala ya pele ya ntatae Davida, a sa ka a batla boBaale;


A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Davida ntatae kateng.


Esekiase a etsa jwalo naheng yohle ya Juda, a nna a etsa ho leng molemo le ho loka le nnete pela Jehova, Modimo wa hae.


Josiase o ne a le dilemo tse robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse mashome a mararo a motso o mong Jerusalema.


Esita le moshanyana o itsebahatsa ka diketso tsa hae, ha metsamao ya hae e tla ba metle, e loke.


O se ke wa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, o mpe o tshabise leoto la hao bobe.


Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Sofonia, mora Kushi, mora Gedalia, mora Amaria, mora Esekiase, mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda.


Itiiseng ke hona, le etse jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le laetse. Le se ke la fapohela letsohong le letona, leha e le ho le letshehadi.


Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ