2 Marena 22:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)13 Eyang, le mpotsetse Jehova, bakeng sa ka le sa setjhaba le bakeng sa Juda yohle, hodima ditaba tsa buka ena e fumanweng; etswe Jehova a re halefetse haholo ka baka la hobane bontata rona ha ba ka ba mamela ditaba tsa buka ena, mme ha ba ka ba etsa le ka tsohle tseo re di ngoletsweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE13 “Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le setjhaba, le morabe wohle wa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, kaha bo-ntata rona ba sa ka ba mamela mantswe a buka ena, leha e le ho phetha tse ho itsweng re di etse.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.