Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 22:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Eitse hobane morena a utlwe taba tse bukeng ya molao, a hahola diaparo tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 22:11
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.


Shafane, mongodi, a ntoo tsebisa morena, a re: Moprista Hilkia o nneile buka e nngwe. Ebile moo Shafane a e balang pela morena.


kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Eitse ha morena a utlwa dipolelo tsa molao, a hahola diaparo tsa hae;


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Eitse hobane ba utlwe mantswe ao kaofela, ba tshoha e mong le e mong, ba re ho Baruke: Re tla tsebisa morena mantswe ao kaofela.


Mme morena le bahlanka ba hae kaofela ha ba ka ba tshoha, ha ba ka ba hahola diaparo tsa bona, ha ba utlwa mantswe ao kaofela.


Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ