Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 22:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Shafane, mongodi, a ntoo tsebisa morena, a re: Moprista Hilkia o nneile buka e nngwe. Ebile moo Shafane a e balang pela morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Shafane, eo e neng e le mongodi, a bontsha dikgosi buka, a re: “Buka ena ke e neilwe ke Hilekiya, Moprista e Moholo.” Yaba Shafane o e balla kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 22:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane morena a utlwe taba tse bukeng ya molao, a hahola diaparo tsa hae.


Shafane, mongodi, a tla ho morena, a busetsa ditaba ho yena, a re: Bahlanka ba hao ba bokeletse ditjhelete tse fumanweng ka tlung, mme ba di beile matsohong a ba etsang mosebetsi, e leng balebedi ba ntlo ya Jehova.


Hape, Shafane, mongodi, a behela morena, a re: Hilkia moprista o nneile buka e nngwe. Mme Shafane a e bala pela morena.


Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong;


Ha nna ha balwa bukeng ya molao wa Modimo ka tsatsi le leng le le leng, ho qala ka tsatsi la pele, ho isa ho la ho qetella. Ba etsa mokete ka tshiu tse supileng, mme ka la boroba meno e le mmedi ha etswa phutheho e kgolo haholo, kamoo taelo e neng e le kateng.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


Yaba Mikea o ba tsebisa mantswe wohle ao a utlwileng Baruke a a bala lengolong, ditsebeng tsa setjhaba.


Ba re ho yena: Ako dule, o bale ditsebeng tsa rona. Mme Baruke a bala ditsebeng tsa bona.


Yaba morena o roma Jehudi ho lata maqephe a lengolo, a a nka ka kamoreng ya Elishama mongodi, mme Jehudi a bala ditsebeng tsa morena le ditsebeng tsa baholo ba emeng pela morena.


Ho ye wena, o bale maqepheng seo o se ngodileng ka molomo wa ka, e leng mantswe a Jehova, o a bale ditsebeng tsa setjhaba, ka tlung ya Jehova, tsatsing la ho itima dijo, o bale le ditsebeng tsa Bajuda kaofela ba tlileng ba etswa metseng ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ